SST59-1227E Kutlo E Kgolohadi VGR

feela ba ditlhohonolofatso tsa Modimo bo tla, oho, bo tla kgurumetsa moya wa hao. Ke wona mokgwa wa ho phela ka tlholo, eba ha ho ntho e ka o ntshang kotsi ...
129KB Größe 16 Downloads 198 vistas
KUTLO E KGOLOHADI

1

Kutlo E Kgolohadi ` Le nna, ke sa keteka, tlhohonolofatsong eo hoseng hona. Oho, kgaphu-kgaphu, monono, ho ke ke ha tsejwa, dintho tseo Modimo o ka re etsetsang tsona ha re bokana bohle mmoho! Ana le lemohile hore ho tloha re entse boineelo bona ho Modimo, hore dintho di tsamaile jwang mona? Tlhohonolofatso ka morao ho tlhohonolofatso, matla ka morao ho matla, kganya ka morao ho kganya! Ho ne ho babatseha. Mme O tla nna a tswella ho etsa jwalo. Disakatuku tsena, ke di rapeletse, motho eo_eo e leng tsa hae mona. „ Jwale ke batla ho etsa tlhahiso feela, motsotso feela leha e le mmedi, mme pele ho lebisa teboho ho lona bohle bakeng sa mpho ya lona e ntle ya Keresemose, ya sutu eo le mphumanetseng yona. Na ke yona ntho e neng e le kahara ya hao, Moena Neville? [Moena Neville o re, “E, monghadi. E, monghadi.”_Mong.] E, monghadi. Eke, sutu ya diphahlo. Kgele, kamehla bareri ba ka sebedisa sutu ya diphahlo. [“E ntekana hantle.”] Ke hantle, ho lokile. Jwale, ba fufulelwa, mme mofufutso oo o bodisa diaparo kapele ho feta ntho efe kapa efe eo ke e tsebang, le a bona, mme ho batleha diphahlo tse sehlopha ho tshwarella moreri. Homme diaparo tse lokileng^Seaparo sa boyana se theko e tlase se tla bola, nakwaneng feela. Ka baka leo, e_e sutu e lokileng e kang eno e jere kaparo e ntle ho yona. … Le hona hopolang feela, le tshehetsa mme le fa bahlanka ba Morena diaparo tsena. Mme a Morena a le hlohonolofatse. Jesu o itse, “Ka mokgwa oo le entseng baena bana ba Ka ba banyenyane kateng, le ho entse ho Nna.” Kahoo le ka mohla ha le a rekela, baruti ba babedi sutu; le reketse Jesu disutu tse pedi. He_hee. Ke seo A se boletseng, “Le di etseditse Nna.” † Empa na le lemohile, kamonyana eo ya Lehodimo, hoseng hona? Ka ntle le memo ya aletare ntle le letho; empa feela kamorao ho Molaetsa le_le hlasimollo ya Moya o Halalelang e neng e phorosella hodima batho, kganya ya Modimo e tsamaya, ba qalella ho nyoloha, le ho theosa, hohle ka nnqa tsohle. Mme ka lemoha metswalle ya ka e kgabane ya Baptise ruri, ho tswa Kerekeng ya Seterata sa Walnut ya Baptise, Louisville, ba eme pakeng tsa ditulo, ba sesa feela matleng a Modimo. Oh, kgidi! Mme ka kopana le bona ka mora tshebeletso, ba ile ba re, “Ao ke matla a Modimo.” Ke ile ka re, “Hoo ke nnete. Ruri le, ruri le bua nnete.” ‡ Matla a Modimo! Mme o ke ke wa fumana feela mantswe ao o ka a buang. Ha o tsebe seo o ka se buang. Moya o

2

LENTSWE LE BUILWENG

Halalelang o nka tshebeletso feela mme ha o tsebe seo O tla se etsa ka Wona. Kgutso, bonolo, boikokobetso, tshohlokeho. Oho, Moena Pat, hoo ke Lehodimo feela, ho nna. Ke mpa ke le feela e mong wa mofuta oo wa boholo-holo o ratang maikutlo a ho Wona, o a bona. ˆ Jwalo ka ha mofu Paul Rader, a ne a re ho^Ka nako e nngwe o na pheta pale. Mme a bolela ha yena le mosadi wa hae ba ne ba dutse tafoleng, mme o na batla ho ya sebakeng se itseng kapa ho etsa ntho e itseng, mme a sa kgaotse ho nna a re ho yena, “Nke ke ka e etsa,” le jwalo-le-jwalo, mme a mo kgaole ha kgutshwane ruri. ‰ Ka baka leo a retelehela ho yena a mo tadima, mme dikeledi di ne di theoha marameng a hae, mme a re ho yena, o ile a re, “Tjhe, jwale,” a nahana pelong ya hae, “haeba a hlabeha ha bonolo hakaalo, a ka nna a dula a hlabehile.” Kahoo yena, jwalo ka monna, a phuthe koranta ya hae le ho e beha hodima boroto ya hae. Š Kamehla o ne a ema monyako mme a mo ake ho mo tsamaisa hantle; ereha a etswa hekeng, a mo tsokele letsoho, mme hoo ho_hoo ho lekane he, le a tseba, ho fihlela a kgutla hape ofising ya hae. ‹ Mme ka baka leo hoseng hoo, a re, yare ha ba qala ba etswa, kgele, mono^monyako moo, kgidi, o na eme monyako, mme a mo aka a tsamaya a tswele ka nqane ho heke, a bule heke mme a hetle morao, mme o ne a eme monyako a inamisitse hlooho ya hae, a ntse a hlabehile, a re o ile a tsoka letsoho ho mo sadisa hantle, a re a tsoka letsoho ho mo tsamaisa hantle. ƒ‚ A bolela ha a ile a qalella ho theosa ka seterata, mme a qala a nahana, “Ha nka hlahelwa ke ntho e itseng pele ke kgutlela hae, kapa, ha yena a ka hlahelwa ke ntho e itseng pele ke kgutla, ha Modimo o ka re tlosa temeng; le hona hodima e bile mosadi ya lokileng hakaalo, le ka mokgwa oo a leng bonolo, le jwalo-jwalo?” Mme a re, ho tsweleng pele ha hae, pelo ya hae ya nna ya kokomoha le ho feta. ƒƒ Ka baka leo yaba ke ho thinya ha hae feela mme a matha a kgutlela morao, a bula heke, a mathela ka tlung, a bula lemati. Mme yare ha a bula lemati, a utlwa ntho e lla. A qamaka, o ne a eme ka morao ho lemati. A re ha a ka a re, “ntshwarele,” ha a ka a re, “ke maswabi,” a se ke a bua letho. A re o ile a mo phamola feela mme a mo aka hape, a ntho thinya le ho tloha a etswa. A re o ile a tsamaya a fihla hekeng, a re keha a eme monyako hape. A re, “Sala hantle.” Mme a re, “Tsamaya hantle,” a re, jwalo ka ha a entse kgetlo la pele, empa kgetlong la ho qetela a ho etsa ho ena le maikutlo. ƒ„ Ka baka leo ke ka moo ho leng kateng. Ha e ena le maikutlo ho yona, le a bona, ke hona ha e hlaha ho Modimo ruri.

KUTLO E KGOLOHADI

3

ƒ… Jwale kgethong ya metsotso e mmalwa ya ho feta, ya mohlokomedi e motjha wa kereke, Moena Sothmann. Ke kgolwa ha bahlokomedi, le bohle mmoho, ba ela hloko jwale, hore, pheletsong ya selemo se seng le se seng sa ditjhelete, letsatsing la pele la Pherekgong, hore diofisi tsohle tsa kereke, jwalo ka baruti le bahlanka, le tse jwalo, di a wela. Mme ereha ba batla ho tswella^E seng baruti; ke ne ke sa bolele hoo. Ke bolela bahlokomedi, le bahlanka, le mesuwe ya sekolo sa Sontaha, le jwalo-jwalo. Hono, moruti o kgethwa ke kereke, mme o dula ho fihlela, ho fihlela. Mme jwale_jwale ebe ba^ Ha batho, e leng lekgotla la jwale la bahlokomedi ba kereke, kapa bahlanka, kapa mesuwe ya sekolo sa Sontaha, leha e ka ba eng kapa eng, ha ba batla ho tswella, ba ka tswella feela. Ha ba sa batle, eba ba ka_ba ka dihela ha ba sa batle ho tswella; mme ha ho letho kgahlano le bona. Ba ka tswella ho fihlela isao. Mme_mme haeba ba sa tswelle, eba ho tshwarwa dikgetho, mme ho kgethwe mohlokomedi e mong ya itseng, kapa_kapa e leng hore e ne e le ofisi efe feela. ƒ† Ka baka leo, ha se taba e tlamellang motho, bophelo ba hae bohle, ho sebetsa lekgotleng. Empa ha feela a ikutlwa hore Modimo o na le yena le ho mo thusa, mme monna a batla ho phetha kabelo ya hae kapa mosadi kabelo ya hae seo e ka bang sona feela, ho tswela pele ka mosebetsi wa Modimo, kamehla re thabetse ha ba sebetsa le rona. Le a bona? Empa ka mokgwa oo ho neha motho monyetla wa ho sebetsa selemo mme ho shejwe kamoo a ho ratang. Ba bang ba bahlokomedi ba rona ba hlola dilemo le dilemo le dilemo, le bahlanka hape, mme ke hantle haholo. Empa he ha ho nako e beilweng. Haeba mohlokomedi, kapa moruti, leha ekaba motho ya lekgotleng, ha a ikutlwa hore a ka se sebetse ho ya pele, leha ekaba ho tswa, eba ba ka hlokomedisa kereke, e le hore ba tle ba kenye motho e mong sebakeng sa bona. ƒ‡ Mme ke sona se etsahetseng mona ka bosiu bona, ka Moena Morgan, Moena William Morgan ya dihelang bohlokomeding. Ba ne ba hloka mohlokomedi e mong. Mme Moena Sothmann o ile a thonngwa jwalo ka mohlokomedi wa kereke, nakong e nngwe, mme bosiung bona a nto amohelwa lekgotleng. ƒˆ E molaong, ha feela kereke. Kerekeng ya rona boholo ke ba kereke. Kereke e suthisa, kapa e bea mohlokomedi, kereke e tlosa moruti, kapa e bea moruti, see e ka bang sona feela, ke kereke hoohle. Ke ho latela boapostola. Ke ka mokgwa oo ho neng ho le kateng mehleng ya Bibele. Ka baka leo, re ikutlwa hore ha ho motho a le mong, eo e leng mampodi kapa eng ka kerekeng. Ha re batle hoo. Monna e mong le e mong, motho e mong le e mong, nna, ho kgetheng motho ofe kapa ofe, o na le kgetho e le nngwe feela, jwalo feela ka motho mang kapa mang wa ya kerekeng mona, kgetho e le nngwe feela. Ha se ka seo nna ke se bolelang; le a bona, ke seo kereke e se bolelang, le a

4

LENTSWE LE BUILWENG

bona, se bolelwang ke kereke mmeleng. Na le rata taba eo? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] Kgidi, ke nahana hore hoo ho dumellana feela le Mangolo. Ke kamoo ho loketseng ho ba ka teng. ƒ‰ Jwale, ena e tla ba veke e kgolo ho nna, e tlang, hosasane, ha Morena a rata. Ke loketse ho etsa diqeto bakeng sa selemo se tlang, tsa dimemo tsohle. Ke batla ho_ho tswela ofising le ho nka dimemo tsohle tsa ka mme ke di tlise lapeng. Mme ka baka leo, matsatsing a mmalwa a tlang, ke tla kena thapelong, ho Modimo, le ho Mo rapela ho ntataisa le ho mpontsha hore ke lebe nnqeng efe le hore ke etseng. Ha re sa phela mehleng e kang eo A neng a le mona, moo Modimo o neng o Mo etellapele ho tloha sebakeng se seng ho ya ho se seng, mme O ne a hlola motseng dihora tse mmalwa a ntano ya motseng o mong. Empa kajeno ke hodima tsamaiso e fapaneng, ke moralo, sehlopha sa basebeletsi le dintho tse ngata-ngata di tlamehile ho etswa. ƒŠ Mme tsela eo ke e sebetsang ka yona, ke ye ke tlise dimemo tsohle tsa Afrika mme ke di bee fatshe, dimemo tsohle tsa India, le tsohle tsa California, tsa Utah, le dimemo tsohle tse fapaneng, mme ke di bee ka diqubu tse fapaneng ka thoko. Ke di tlohele di robetse. Mme ke ntano qalella ho tloha le ho rapela, mohlomong ke palame koloing ya ka ke tsamaye letsatsi kapa a mabedi. Ke boye, ho rapela. Ntho e mphihlele pelong ya ka ho leba sebakeng se itseng, ebe ke sheba hore na ke maikutlo feela. Ere, ka morao ho moo, ebe ke^haeba e nkgatella hakana, ke ya qubung ena moo tulo ena e leng teng, ke inkele lengolo mme ke le bale, la memo, ho bona moo e leng teng. Ebe, ho tloha moo. ƒ‹ Lebaka leo ke etsang jwalo ka lona ke lena. Nahana ka ho palama dihora tse mashome a supileng a metso e mmedi sefofaneng, difefong, le hodimo le tlase, le ka ho potoloha, haeba o kile wa palama ho ya mose. Ka nako tse ding ha O_O tsebe o hodimo, ka nako tse ding ke tlase, le ho leketla, le ho rutleha, le ho ubella, hara maru ao le hodima metsi ao, ka matsatsi a mararo le masiu. O nto hata fatshe lefatsheng, mme ntho ya pele eo o kgahlanang le yona ke Satane, “Be, sehlopha sa basebeletsi se boletse taba ena, hodima ba bang ba bona ba fapane voutung, mme ba bang ba eme le yona.” Le a bona? „‚ Mme mohlomong o ka nna wa re, “Be, mohlomong Morena o ne a sa batle ha ke etla.” „ƒ Empa ha o rometswe ke Modimo, o ikemeseditse ho kgahlana le sera. O re, “Ke hata mona, ka Lebitso la Jesu Kreste. Ke tlile ka Lebitso la Morena Jesu, mme ke tla dula mona ho fihlela mosebetsi wa Hae o phethilwe.” Le a bona, eba jwale o ikemiseditse ho teana le mara.

KUTLO E KGOLOHADI

5

„„ Ka hoo, le a nthata, ke a tseba le etsa jwalo. Ka baka leo nthapelleng vekeng ena, hore ke tle ke etse diqeto tse nepahetseng, ka tshusumetso ya Modimo ke etellwe pele. „… Jwale ke tla ba le tse nyenyane tse mmalwa, hoo ke ho bitsang ditshebeletso tse ropohang. Ke tla theohela tlase Florida, ka la borobedi, la borobong le la leshome la kgwedi ena; kapa, Tifton, Georgia. Tifton, Georgia, ka la borobedi, ka la borobong le la leshome la Pherekgong, ke ne ke batla ho rialo, bakeng sa kgwedi ena. Mme ke ntano lokela ho ya Glasgow, Kentucky; le mohlomong Somerset, Kentucky; le bosiung bo bong, mme mohlomong Campbellsville, Kentucky. Mme_mme Moena Rogers o na ratile ha nka tla bosiu bo le bong, sebakeng sa hae, e leng hore re^o ile a lokela ho foswa ka nako e nngwe. „† Jwale, le rapelle Moena Rogers. Re ne re tshwere kopano ya boena, kajeno, mme ka tshwara letsoho la hae mme ka fumana ha a le maemong a mabe, nameng. Kahoo le rapelle Moena Rogers hodimo mona. O na le mojaro o moholo matsohong a hae mono, le hona ho mo tshwarisitse dinerefe le ho mo ferekanya, mme o_o na le bophelo bo bobenyana hona jwale, mme le mosadi wa hae o mobe haholo. Ka baka leo rapellang ba babedinyana bao, bana ba kgabane ba Modimo. Mme ke ile ka mmolella hore, ha Morena a ka rata, ke tla mo sitsa ka bosiu bo le bong. „‡ Le Moena Ruddell, e nngwe^ya dikereke tsa tona tse nyenyane, hodimo mona 62, moshanyana wa batho ya dihlong, o na a fete mona mme a sa kgone le ho sheba hodima. Mme a tlwaetse ho tla lapeng. Mme, kgele, ke dumela ha batho ba ne ba lekanya e le ntho e hlophang haholo, empa ho ena le ho hong ka moshanyana ho neng ho bonahala e le ha sebele. Ka se ke ka kgaotsa feela ho dula, le ho dula le yena, ka ho re, “Moena Ruddell, o ka kgona.” „ˆ O ile a re, “Moena Branham, ha ke ema ka pela sehlopha sa batho, pelo ya ka_ka e nyolohela mmetsong wa ka, mme ha ke_ke_ke kgone le ho bolela lentswe le leng feela.” „‰ Ka re, “Ema moo mme o e kwenye, mme o bue, ka Lebitso la Morena, o a bona.” Mme jwale o na le Tabernakele e kaalo ka ena, hodimo mona mmileng, o etsa feela ntho e itseng. Dula le yona. Moshayana o ne a ena le pitso ya Modimo. Ke tsebile ntatae le mmae, ke batho ba lokileng haholo. „Š Mme re ntano lokela ho fumanela Junie, bosiu bo le bong, tlase New Albany. Mme, oho, le a tseba, ditshebeletsonyana feela, moo nka fumanang bosiu mona le bosiu mane. „‹ Ho fihlela, ha tsohle di tsamaya ka lenaneo, ka la mashome a mabedi a metso e mehlano Pherekgong, ke tla tloha ho leba Miami, bakeng sa Seboka sa Matjhaba sa Borakgwebo ba Bakreste ba Evangedi e Tletseng. Mme ho tloha moo, ho leba Kingston, Haiti, tlase Amerika Borwa, le hodimo ho feta le

6

LENTSWE LE BUILWENG

Meksiko. Mme ho tloha moo, ho kenella Afrika. Ho tswa Afrika, ho leba hodimo Skandinavia. Le jwalo-jwalo, ka mokgwa oo. Karolo e kgolo ya selemo, ke dumela, hore e tla sebedisetswa dikopano tsa mose ho mawatle. Kahoo le nthapelle, ke tshwanetse ho etsa diqeto tse nepahetseng. …‚ Jwale hoo ke ha feela e le thato ya Morena; ha ho se jwalo, ke ikemiseditse ho ya hohle, tulong efe kapa efe feela. Ha ho taba hore na ke hokae, ke batla ho ya. Empa ha feela ke ntse ke kgona ho pealla ka hara lerole lena la lefatshe leo Modimo o nkentseng ka hara lona, ke batla ho rera menono ya Hae e sa fihlellweng ho fihlela lefu le ntlosa mmeleng wona. Seo ke sepheo sa ka, ka mohau wa Modimo, ha feela A ne a ka nthusa. Ha A ka ntshirosetsa letsoho la Hae, diabolosi o tla ntlhatha, kahoo le rapele hore Modimo o tle o behe letsoho la Hae la lereko hodima ka. …ƒ Ha ke kope toka ya Hae; ke kopa lereko la Hae. Le a bona? Jwale, toka ya Hae, tjhe, nke ke ka emela hono. Lereko la Hae feela ke yona ntho eo ke e kopang, hoba ke a tseba ha ke na tokelo, mme le jwalo ha ho motho e mong. Mme re mpe re se ke ra kopa toka ya Hae. Re batla lereko la Hae. …„ Jwale, bosiung bona, kaha ke batla ke tjhele lentswe hanyenyane, empa ne nke ke ka tlohela monyetla, ho bua le sehlopha sena se kgabane sa Bakreste. Be butleng, pele feela ke ntsha tsebiso ena, a nke ke bue taba e le nngwe. Ha lona bohle le sa le pelo e le nngwe jwale, kgopolo e le nngwe, mme ntho e nngwe le e nngwe e sa tsamaya ka thello, a nke ke fane feela ka puonyana ya metsotso e mmedi kerekeng ya ka, le a bona. …… Mamelang, baratuwa ba ka Evangeding, tsa ka^dinaledi tse moqhakeng wa ka, haeba ke tla fumana o mong, lona ba rekilweng ka Madi a Jesu. Ke entse hona ka morero, ho kgutla ka mokgwa ona. Re ile ra rera hono letsholong la ho tsoma, Moena Roy Roberson, Moena Banks Wood, le nna, letsholong, ka hore re ka tlisa, ho ka kgutla. Moena_Moena Roy le rona bohle re ne ntse re qoqa, le ka moruti wa rona, Moena Neville, le monna ya pela lona kamehla, ka ho alosa le ntho e nngwe le e nngwe, re a mo rata; empa leha ho le jwalo, Moena Neville kaha e le motlatsi wa moruti, ho bonahetse e le taba e boimanyana ho Moena Neville ho tlameha ho hatella nnqeng eo, le a bona. Ka baka leo ra rapela, mme ha bonahala e le thato ya Morena hore ke e etse. Jwale, ke kopile Morena ha A ka nthusa, ke tla sebetsa ka bokgoni bohle ba ka. …† Mme hoba ke etse boineelo ba ka ka sebele, mme ha ke se ke ho entse, ho etsa hore kereke e etse jwalo jwale, haeba Modimo o re hlohonolofaditse ka mokgwa oo A entseng ditshebeletsong tse mmalwa tsa ho feta, hodima boineelonyana boo, A ka etsang ha re ka bo totisa, le a bona? Dulang feela le bo totisitse. Jwale mamelang. Le a ratana, ka moo ke le bonang

KUTLO E KGOLOHADI

7

le eme meleng ya ditulo, hoseng hona, mme le lla, ka matsoho a lona ho Modimo, mme_mme Moya o ratehang o tsamaya hara lona bohle. …‡ Jwale le se ke la utlwa ntho le e nngwe e fosahetseng eo diabolosi a e buang. Le a bona? Ha diabolosi a o bontsha ba bang, leha e le ho o bolella ntho e nngwe e phoso, ka setho se seng sa Mmele wa Kreste, o se ke wa e dumela. Hobane, hang feela ha o e dumela, o senya boiphihlelo ba hao. …ˆ Mme ha o bona se seng sa ditho tsa Mmele wa Kreste se etsa ntho e itseng e mpe, o se ke wa bolella motho; empa eya sethong seo, le hona ka lerato, mme o bone hore o ka se mo kgutlisetse ho Kreste hape. Mme ha o sa kgone ho ho etsa, jwale bolella motho e mong, kapa e re a tsamaye le wena. E sebetse ho ya ka mokgwa oo Lengolo le boletseng kateng. Le a bona? Empa o se ke^ …‰ Ha motho e mong a re, “Kgaitsedi Sekete-kete, kapa Moena Sekete-kete,” o se ke wa dumela lentswe le le leng la yona. E tlohele feela e fete. Hoba, hopola, ke diabolosi a leka ho o tabola dikoto-koto. Jwale mo lebelleng ho kena, hoba o tla ho etsa. Jwale e re monga ntlo ya molemo, tumelo, a eme moo hantle, mme o se ke wa amohela ntho le e nngwe. Batho bana ba dudisitswe dibakeng tse Mahodimong le wena, ho kopana mmoho ho pota-pota ditlhohonolofatso tsa Modimo, ka ho ja selallo tafoleng, mme Moya o Halalelang o pakile haele bana ba Modimo. Ka baka leo a re beng mosa ruri, pelonolo, tshwarelo, lerato. Mme ha motho e mong a bua hampe ka wena, o bue hantle kgahlano le bona. Lebella ka moo mosa o tlang ho wena he. O a bona? Ke hantle. Kamehla buseletsa botle bakeng sa bobe, lerato bakeng sa lehloyo. Mme feela^ …Š O ikutlwa betere, moratuwa, ngwananyana ya ka morao? Ke hantle. Ke leboha haholo. Ee, ke sa tswa kgutla feela^O ne a futahane habedi morao mono, mme Morena Jesu o mo tlisitse jwale le ho mo neela tshebeletsong. Re lebohela hoo haholo. Ke lona lebaka leo ke ileng ka tloha pulepiting ka lona, metsotsong e mmalwa ya ho feta. Ha thwe ba “rapetse ba ba ba rapela ba sa kgone ho phunyeletsa ho Modimo.” …‹ Jwale, etsang bonnete ba hore le etsa hono. Ikaneleng hono, ho Modimo, “Modimo, ka mohau wa Hao, ke seo ke tla se etsa.” Ho sa tsotelehe ha motho a bolela bobe; buseletsa ka botle. O se ke wa nahana bobe. Ha o nahana bobe, mme o mpa o e bolela ka boikaketsi feela, etlaba_etlaba_etlaba o phoso. Se kgaotse ho dula o ineela ho Modimo feela ho fihlela ruri o ikutlwa hantle mothong eo. Ke yona tsela ya ho e etsa. Bonolo feela ba ditlhohonolofatso tsa Modimo bo tla, oho, bo tla kgurumetsa moya wa hao. Ke wona mokgwa wa ho phela ka tlholo, eba ha ho ntho e ka o ntshang kotsi ha feela o phela leratong. Tjhe, o ka re^

8

LENTSWE LE BUILWENG

†‚ Le a bona, “Ha o e na le dipuo, di tla fela. Leha o ruile bohlale, bo tla nyamela. Diporofeto, di tla hloleha. Empa ha o ena le lerato, le tla hlola ka ho sa feleng.” Le a bona? †ƒ Mme o se ke wa rata ba o ratang feela, empa rata ba sa o rateng. Hoba, ho bonolo ho nna ho rata mang kapa mang ya nthatang, empa leka ho rata motho ya sa o rateng. Ke hona moo o ka lekang haeba o le Mokreste kapa tjhe; motho ya sa o batleng, mme leha ho le jwalo, ka pelong ya hao, o a ba rata. Jwale, haeba o sa etse jwalo, jwale dula feela o ntse o itshwareletse ho Modimo. E teng, hobane ke a tseba ke Nnete. Amen. Ke a tseba hore ke Nnete. †„ Jwale re tlilo phetla Lentswe le tlotlehang, jwale, Bukeng ya Baheberu, le kgaolong ya 11, bakeng sa Molaetsa o mokgutshwane feela. Kaha ke batla ke tjhele lentswe, empa ke bile le thapama e tletseng monyaka le baena le bokgaitsedi. Mme ha ke a ka ka kena kahare haese pejana ho hora e batlile ho ba ya botshelela, mme ka mathela feela phaposing le ho kgumama fatshe pela moalo, phaposing ya ho robala, le ho rapela metsotswana e mmalwa. Ka phahama, mme ka nka Bibele ya ka le ho qala ho bala. Mme ka bona makasine a robetse mono, mme ka a phahamisa, mme a ne a ngotswe ka Seburu, kahoo ka se ke ka kgona ho bala ntho eo. †… Mme ka dinako tse ding, ho baleng, o ye o kgahlane le lentswe, mme lentswe leo ho wena le phele. Ke ka tsela eo moreri a tholang, molaetsa wa hae. Ka ho qala feela ho bala, ho bala Bibele, ntho e itseng. Ntho ya pele o a tseba, o tjhabelwa ke ntho e itseng, ntho e nngwe e ntano kopana le ntho eo, ntho e nngwe e kopane le ntho eo. Jwale, e sehelle mola ka tlase, mme o ye sefaleng mme o e bale. Modimo o tla sebetsa tse ding tsohle. Le a bona, O tla hlokomela tsohle mabapi le yona. †† Jwale, ka nako tse ding o a nkeha o ye hole, ho fihlela o bopile mehopolonyana ya ho reng, dintlhanyana tsa menahano tseo o di nahanneng. Ka nako e nngwe tshebeletsong, moo o tlamehileng ho tla kalaneng ka potlako, hoo, bala hape mehopolonyana eo o e fumaneng, a Moya o Halalelang o o tsosetse yona hape. Ke entse hoo ka makgetlo a mangata. †‡ Jwale Baheberu 11, a re baleng temana ya pele, qalong, mme re tla bala ditemana tse mmalwa ruri. Jwale tumelo ke tshepiso e tiileng ya dintho tse lebeletsweng, ke pontsho e kgodisang ya tse sa bonweng. Ka yona baholo ba bone poko e ntle. Ka tumelo, re a tseba hobane dintho tsohle di bopilwe ke lentswe la Modimo, ka mokgwa wa hore tse bonwang ha dia ka tsa etswa ka tse bonahalang.

KUTLO E KGOLOHADI

9

†ˆ Ana ha e a tlala monono? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] A nke ke bale temana eo ya boraro hape. Mamelang ka hlokomelo. Ka tumelo, re a tseba hobane dintho tsohle di bopilwe ke lentswe la Modimo, ka mokgwa wa hore tse bonwang ha dia ka tsa etswa ka tse bonahalang. (Lentswe la Modimo!) Ka tumelo, Abele o hlahisitse pela Modimo sehlabelo se fetisang sa Kaine, mme ka baka la yona o pakilwe, hobane Modimo o pakile dineo tsa hae; mme leha a shwele: le jwale o^bua ka yona tumelo eo. Ka tumelo, Henoke o nkilwe hore a se ke a bona lefu, mme ha a ka a fumanwa, kahobane Modimo^mo nkile; mme enere a eso ho nkwe, o pakilwe hore o kgahlisitse Modimo. Dilemo tse makgolo a mahlano ho tlatsa moo, tsa bophelo! Empa tumelo ha e le siyo, ha ho kamoo Modimo o ka kgahliswang ka teng: ya atamelang Modimo e ka kgona a dumele hobane o teng, le hoba ke wona moputsi wa ba o batlang. Ka tumelo, Noe, eitse hobane a tsebiswe ke Modimo tse esong ho bonahale, o kile a tshaba Modimo, mme a haha areka ho pholosa ba ntlo ya hae, mme^o tswile lefatshe, le hona a etswa mojalefa wa^loka ho leng ka_ho leng ka tumelo. †‰ Jwale a re rapeleng motsotswana feela, mme re inamiseng dihlooho tsa rona. †Š Morena, Modimo Wa Mehauhelo le Ntate, re tla jwale pela Sefahleho sa Hao hape, ka diteboho. Mme ha re ikutlwe re le pela Sefahleho sa Hao jwale hobane re inamisitse dihlooho ho rapela, empa re dumela ha re le pela Sefahleho sa Hao ka dinako tsohle, hoba, “Kahobane mahlo a Modimo a tjhalatsa ho isa le ho kgutla dipheletsong tsa lefatshe.” Mme O tseba dintho tsohle, mme O tseba mehopolo ya dipelo. †‹ Ka baka leo, Morena, lebaka leo re inamisang dihlooho tsa rona, ke ho etsa qelo ena, hore O tle o re tshwarele melato yohle ya rona le ditlolo tsohle kgahlano le Wena, le hore hapehape lereko la Hao le tle le otlollelwe nnqeng ya rona, hoo O tlang ho bula dipounama tsa rona ho bua le ditsebe tsa rona ho utlweng, le hore Lentswe la Hao le tle le re fetohele nnete bosiung bona; hore ditemana tsena tse mmalwa tseo re di kgethileng ho balwa e tle e be thuso e kgolohadi sethong se seng le se seng sa mmele wa Hao o leng lefatsheng, Kereke ya Hao ya Semoya, Kereke ya Letsibolo, Kereke eo e rekilweng ka Madi a Jesu, e hlatswitsweng ya ba ya halaletswa, mme e tlang ho hlahiswa ho Modimo Tsatsing leo, e se na letheba kapa

10

LENTSWE LE BUILWENG

letsika. Re O leboha jwang, ka ho ba le tumelo ya ho dumela hore re majalefa a toka ena ya Modimo, ka molemo le mohau wa Morena wa rona Jesu! ‡‚ Ho rapela jwale hore O tle o phekole mafu wohle. Ho O leboha ka ho ama ngwananyana eo metsotsong e mmalwa ya ho feta, ka ho robala a futahane ka phaposing ka mane, ka baka la mahlaba; ho mmoneng a etswa a tsamaya, tumelonyana eo e kang ya ngwana, le ho amohela Wena le lereko la Hao. Mme re O leboha ka hona; le ho rapela hore O tle o hopole moratuwanyana wa Kgaitsedi Baker hodimo Kentucky, le bao Moena Neville a buileng ka bona, mme, oho Modimo, diahelo tse hlokang palo tsa bakudi hohle. Mme haholo-holo, Morena, bao ba sa bolokehang le hona ba sa O tsebe; ha ba ka shwa dibeng tsa bona, ba ke ke ba fihla moo O leng teng. ‡ƒ Re rapela hore O tle o re nee bopaki le matla, sebete ho bolela Lentswe, le bohlale ba ho tseba nako ya ho Le bolela. Mme O ntano bua le rona ha re se re boletse ka ho lekana, hore re tle re tlohe re siye batho ba hloletswe, ba ipotsa, kaha Moya o phahamileng o Halalelang le mosebetsi wa Wona. Fana ka hona, Morena. Re utlwe jwale, re a rapela, re ho kopa Lebitsong la Jesu. Amen. ‡„ Mme ke lakatsa ho bua ka nako e kgutshwane hodima temana ya ditho tsa kutlo. Re rutwa hore motho wa tlhaho o na le ditho tse hlano tsa kutlo, mme ditho tsena tse hlano tsa kutlo di laola yena_yena^Kapa, O nehelane, Modimo o mo sitsitse ka ditho tse hlano tsena tsa kutlo, ho hokahana le lehae la hae la lefatshe, mme ditho tseo tse hlano tsa kutlo di tsebahala e le: pono, tatso, ama, fofonela, utlwa. Ditho tseo tse hlano tsa kutlo e leng tse jwang ke motho wa tlhaho, mme di molemo, mme re ke ke ra sebetsa leha e le ho phela bophelo bo tlwaelehileng ha se seng sa ditho tsena se hloleha ho sebetsa. Pono ya hao, kutlo, ho ama, fofonelo, kapa tatso, re ke ke ra phela ka mokgwa o tlwaelehileng ntle le tsona. Ho na le ntho e nngwe e leng siyo, sepha se itseng sa bophelo seo re sa kgoneng ho hokahana le sona, ntle le hore setho seo se sebetse. Mme di molemo le hona di na le thuso, mme re di filwe ke Modimo. ‡… Modimo o abile dikutlo tseo, empa di neilwe wena jwalo ka mpho. Mme ho tswa feela ka mokgwa oo o, hore ditho tseo o di neelang, etlaba mokgwa oo bophelo ba hao bo laolwang kateng, mokgwa oo o neelanang ka dikutlo tseo tse hlano. Wena o^See o se bonang, se o se utlwang, se o se latswang, se o se fofonelang, kapa ho se ama, ntho efe kapa efe feela eo o di neeletseng yona, di tla rena hodima hao. ‡† Mme re lebisa tlotla ho Modimo ha re ruile dikutlo tsena tse hlano, empa dikutlo tsena tse hlano ha o a di abelwa ho o tsamaisa ho hang. O sitsitswe ka tsona ho hokahana le lehae la

KUTLO E KGOLOHADI

11

hao la lefatshe. Empa o neilwe kutlo ya botshelela, mme, kutlo eo ya botshelela, ke ya Mokreste feela. Mme o ke ke wa fumana kutlo ena ya botshelela ho fihlela o le Mokreste; ke ona feela mokgwa oo le ka mohla o ka bang le dikutlo tsa tlholeho tse fetang bohlano bakeng sa motho wa tlhaho. Kutlo ya botshelela e tsejwa hantle, ho Mokreste, jwalo ka tumelo. Ke yona e renang ekasita le ho o tsamaisa, mme e phahametse dikutlo tse ding tsohle. E phahametse dikutlo tsohle, dikutlo tse ding tse hlano. ‡‡ Jwale, nka se re kahobane re amohela kutlo ya botshelela dikutlo tse hlano ha di sa le molemo hape. E, di lokile. Dikutlo tseo tse hlano o di abetswe ka Modimo, mme di tshwanetse ho sebediswa. Empa ha dikutlo tse hlano di sebetsa kgahlano le Lentswe la Modimo, etlaba di a thetsa. ‡ˆ Jwale, kutlo ya botshelela e ke ke ya bolela leshano. Ke kutlo e kgolohadi. Mme ke seo ke batlang ho bua ka sona. Hoseng hona ke buile ka: Pontsho E Kgolohadi. Mme bosiung bona ka: Kutlo E Kgolohadi. ‡‰ Mme kutlo e kgolohadi ke Moya o Halalelang, tumelo ya Modimo e ahileng ka hare ho wena. Mme ha o ka dumella dikutlo tse hlano ho ineela kutlong ya botshelela, e tla o tsamaisa le ho beha dikutlo tse ding tsohle tse hlano tlasa taolo ya kutlo eo e kgolohadi. Hoba e phahametse kutlo ya tlhaho hakana, jwalo ka ha motho wa moya a phahametse wa tlhaho; e hole hakana hakaalo kaha mahodimo a phahamile, hodima motho wa tlhaho mmoho le dikutlo tsa hae tse hlano. E etsa hore o dumele dintho tseo o sa di boneng. E etsa hore o nke kgato moo o sa nahaneng hore dikutlo tse hlano le ka mohla di ne di ka nahana ka hona. Diabolosi a ka kena dikutlong tsena tse hlano mme a o thetse, empa a ke ke a ama kutlo eo e kgolohadi. E hodimo haholo hore a ka e fihlella. Eo e tswa ho Modimo. E bitswa tumelo. Tumelo ke yona ntho eo e phahamileng. ‡Š Mme dikutlo tse hlano ha di laole kutlo ya botshelela, empa kutlo ya botshelela e laola dikutlo tse hlano. Kutlo e kgolohadi e laola dikutlo tsa tlholeho. Mme dikutlo tse_tse hlano ke ho bona, latswa, ama, fofonela, kapa ho utlwa. Mme kutlo e kgolohadi ke ntho e tla etsa hore o dumele Lentswe la Modimo, hoba ke yona feela ntho eo e tlang ho bua ka yona. Mme E tla etsa hore o dumele dinthong tseo o sa di boneng, latsweng, fofonelang, kapa ho di utlweng, hobane e tla nka Lentswe la Modimo. Mme e tla nka Lentswe leo e o tlisetse lona, le ho etsa hore o tsamaye kgahlano le ntho e nngwe le e nngwe ntle le Lentswe la Modimo. Ka tumelo, tumelo e sebetsa seo. ‡‹ Jwale, ho neelaneng ka mohlala wa dikutlo tsena, motho wa tlhaho o tswala a ena le dikutlo tsena, ka baka leo ke

12

LENTSWE LE BUILWENG

dikutlo tse sitsitsweng ke tlholeho. Mme ruri ke yona feela ntho eo a ka tsebang letho ka yona, bohlaleng ba hae ba kelello. A ka nahana feela jwalo ka motho, a ka bona jwalo ka motho, a ka utlwisisa jwalo ka motho, a ka utlwa jwalo ka motho; empa ha a buswa, kapa a sokoloha, kapa re ka ho bitsa “tswalwa la-bobedi,” eba eo ya botshelela, kutlo e kgolohadi e a mo tshwara. Mme, ka ho etsa jwalo, kutlo eo e kgolohadi e mo nyollela hodimo sedikadikweng seo a ka bang le tumelo ya ho dumela dintho tseo a neng a ke ke a di utlwa, dintho tseo a neng a ke ke a di bona, dikakanyo tseo a neng a ke ke a di utlwisisa. O a di dumela leha ho le jwalo, hoba a buswa ke kutlo eo ya botshelela, kutlo eo e kgolohadi. Kgidi, ka moo ho babatsehang ho e tseba, le ho hopola ka moo ho leng bobebe ho e dumela! ˆ‚ Jwale, o ke ke wa e dumela ho fihlela o sokolohile. Bibele e boletse ho re, “Ha ho motho ya ka bitsang Jesu Kreste, haese ka Moya o Halalelang.” Re ile ra ama taba eo vekeng ena e fetileng. Mme ka mokgwa oo e ileng ya eba lejwe le kgothometsang kateng, haholo-holo ho batho ba dumelang Pentekosta, ha ba utlwa ke rialo. Jesu o boletse, ho Johanne 5:24, “Ya utlwang Lentswe la Ka mme a dumela ho Ya Nthomileng, o na le Bophelo bo-sa-Feleng.” Bophelo bo-saFeleng bo tswa ho Modimo, feela. “Mme ha ho motho ya ka bitsang Jesu Kreste, haese ka Moya o Halalelang.” ˆƒ O mpa o nka feela seo motho e mong a se boletseng, seo o ithutileng sona ka hlalefo, tseo o ithutileng tsona ka dikutlo tsa tlhaho tse hlano. Empa ha kutlo ya botshelela e kena, Moya o Halalelang, E tlosa mabaka ohle a dikutlo tsena tse tsheletseng^dikutlo tse hlano, le ho o nyollela kutlong ya botshelela, ho etsa hore o dumele dinthong tseo o sa di boneng, latsweng, ameng, fofoneleng, kapa ho di utlwa. E sebetsa ho hong ho wena. Eba o ka re Jesu ke Kreste, hobane o le paki ya sena; e seng seo thuto ya hlalefo e o rutileng sona, empa seo o bileng le boiphihlelo ba sona. ˆ„ “Ebe, kutlo ya botshelela e tletse morero ofe he, Moena Branham? Hobaneng ha kutlo ya botshelela e etla?” ˆ… Kutlo ya botshelela e tletse morero wona. Jwale, ke tumelo, kutlo e kgolohadi. Jwale haeba^Kutlo ya botshelela e tletse morero wona feela, e leng hore, ho etsa hore dikutlo tse hlano tse ka ho wena di latole ntho efe kapa efe e kgahlano le Lentswe la Modimo. Ke ka baka leo kutlo ya botshelela e leng teng. Lengolo le bua ka “ho lahlela mabaka ka thoko.” ˆ† Ho_ho, bona, dikutlo tse hlano di tla kgona, o ka bea mabaka, “Tjhe, jwale, ke ka hobaneng ha monna eo, mme hobaneng^?” ˆ‡ Empa kutlo ya botshelela ha e bone hoo ho hang. E hole ka nnqane ho yona! E e phahametse haholo hakana, ho fihlela e

KUTLO E KGOLOHADI

13

hlokile mabaka a letho kaha yona ho hang. “Re a e dumela!” E ka nnqane ho ntho efe kapa efe eo dikutlo tse hlano di ka e buang kaha yona. Jwale re itokisetsa tshebeletso ya phodiso, le a bona. Re a e dumela! O tsamaya ka kutlo eo ya botshelela, o bua ka kutlo ya botshelela, phela ka kutlo ya botshelela, o shwa ka kutlo eo ya botshelela, mme o tsoha ka kutlo eo ya botshelela. Kutlo eo e kgolohadi, ntho e itseng e ka hare ho wena, e fapanang le seo motho wa tlhaho a leng sona. ˆˆ Motho wa tlhaho o ruile tsena feela, mme di itoketse ha di ka behwa tlasa taolo ya kutlo ya botshelela. Ha kelello ya tlhaho e re, e bala Lentswe mme e re, “Hoo ke Lentswe la Modimo,” e bua Nnete. Empa ekare ha e bala, mme e re, “Ha se Lentswe la Modimo lohle. Kapa, kapa, E ne e le Lona. Ke ntho e itseng, e ne e le Lona ka nako e nngwe, empa ha e sa le Lona jwale.” Eba kutlo eo ya botshelela e a kena, mme e re, “Ke Yena maobane, kajeno, le ka-ho-sa-feleng.” Le a bona, ke yona phapang. ˆ‰ Ke ka baka leo batho ba bangata ba hlolehang ho phekolweng. Ba leka ho tla ka kutlwisiso ya hlalefo. Ba re, “Oho, ke_ke etsa hona, kapa ke dumela hona, le jwalo-jwalo.” ˆŠ Empa haeba e le kutlo eo ya botshelela e rialong, eba ha ho le ka mohla le ka ba hlohlollang kutlong eo ya botshelela. Kutlo ya botshelela e tlile mothong ho etsa hore ba tle ba latole ntho efe kapa efe e kgahlano le Lentswe la Modimo. Tshupo efe kapa efe, tshupo efe kapa efe e kgahlano le tshepiso ya Modimo, kutlo ya botshelela e re ha e yo, ha Mokreste ya tswetsweng la-bobedi. ˆ‹ Mme ntho ya pele le a tseba, mohetene ya itseng, mosadumeleng, ha a atamela Mokreste mme a re, “Jwale, bona mona, haho ntho e jwalo ka Moya oo o Halalelang. O mpa o etsa phoso feela, tabeng eo. O kopane hlooho, haeba o dumela dintho tse kang Eo. Ha ho ntho e jwalo ka Yona.” Kutlo eo ya botshelela e kena tshebetsong ka ho otloloha. ‰‚ “A nke ke o bontshe, Bibeleng, moo o ke keng wa amohela Moya o Halalelang. Mme, o a bona, nka o bontsha moo barutuwa ba O fumaneng, empa_empa^” ‰ƒ “E, ho lokile,” o re, “bona,” kutlo ya botshelela e tla o supisa mme e re, “empa O boletse, ‘Pallo eo e etseditswe lona le bana ba lona.’” ‰„ “Ho lokile, hoo ho ne ho bolela bana ba bona. Hoo, ho ne ho sa bue bakeng sa hao. Ha se bakeng sa hao.” ‰… Empa kutlo eo ya botshelela e tseba haholwanyane. Hobaneng? E se ne kene ka hare ho wena. Ba boletse taba eo morao ho nako. O se o E amohetse. ‰† Batho ba rutileng hoo, “Ha ho ntho e kang Moya o Halalelang,” ha ba tsebe seo ba buang ka sona.

14

LENTSWE LE BUILWENG

‰‡ Jwalo ka moshanyana eo, ka nako e nngwe, ya neng a ntse a ebola apole, mme a botswa ke mohetene, a hanetsa tshebeletso. A re, “O batlang, o batlang hodimo mona?” ‰ˆ A re, “Ke batla ho o botsa potso.” Nakong eo a ntseng a eja apole mme a natefelwa ke yona, motho wa ho nyatseha, wa mofuta oo, a shebahala e le setlokotsebe, ka moriri o lepeletseng sefahlehong sa hae, ka leino le le leng le kgenohileng kapele; ka baki ya kgale, e ditshila ya ofarolo. A re, “Ke potso e le nngwe feela eo ke batlang ho o botsa yona.” ‰‰ Mohetene eo na sa tswa re, “Ha ho ntho e jwalo ka Modimo. Hoo hohle ke maikutlo. Ho na le bosawana tabeng eo, ke phetho seo e leng sona.” ‰Š Mme moshanyana a re, “Ke batla ho o botsa potso, monghadi. Ana apole ee e tswekere kapa e bodila?” A re, “Ebe, nka tseba jwang? Ke ntse ke sa e je.” A re, “Ke sona hantle seo ke neng ke se lekantse,” a tloha a kgutlela morao. ‰‹ O tseba jwang, ha o eso ho ka o latswa Morena? O tseba jwang, ha o eso ho ka o amohela Moya o Halalelang, hore Ke wa sebele kapa ha O teng? O tseba jwang haeba ke tumelo le matla? O tseba jwang hore ha ho na “thabo e ke keng ya bolelwa e tletseng kganya,” ha o eso ho ka o latswa ho ka e bona? Kutlo ya botshelela e o tataisetsa Moo. Kutlo ya botshelela e o senolela Hono. Š‚ Matla a hlalefo ha a yo ho hang, a ka o tlisetsang Hono le ka mohla. Matla a hlalefo a tla beha mabaka mme a re, “Kgidi, ke saekholoji. Ke ntho e leng ka mokgwa wona, mme ke maikutlo bathong.” Šƒ Empa nakong eo kutlo ya botshelela e kenang kahare, e latola dintho tseo tsohle, mme e tataisetsa motho sefubebg sa Modimo ka ho otloloha. “Ya tlang ho Modimo a ke a dumele hobane O teng, le hore Ke moputsi wa ba Mo batlang ka nnete.” Ka tumelo! Ka tumelo, Abrahama! Ka tumelo, Isaaka! Ka tumelo, Jakobo! Bohle ka tumelo! Ke kutlo ya botshelela e ho etsang. Kutlo ya botshelela e latola ditshupo tsohle, ditshupo tsohle, ntho efe kapa efe e kgahlano le Lentswe la Modimo, maikutlo afe le afe, boikutlo. Š„ Motho e mong o re, “Oho, ho lokile, ke rapeletswe; empa ha ke ikutlwe ho hlaphohelwa feela.” Š… Kutlo ya botshelela e ke ke ya mamella hoo ka kgutso. Kutlo ya botshelela e tla re, “Ke leshano! Ke ikutlwa ho hlaphohelwa. Ke a fola. Modimo o itsalo, hoo ho qeta tsohle. Amen! Modimo o itsalo.” Kutlo ya botshelela e iphepa feela ka Lentswe la Modimo. Š† Kutlo eo e kgolohadi, e kgolohadi, ka hodima dikutlo. Ke kutlo e kgolwanyane. Ke tumelo. Ke matla a fehlang le ho

KUTLO E KGOLOHADI

15

kganna. Amen. Ke ntho e etsang hore o etse dintho tseo o neng o sa hopole hore o tla di etsa. Ke kutlo ya botshelela, kutlo e kgolohadi. Š‡ O a rapellwa. Ha re re o na_na le letsoho le holofetseng mme o ntano rapellwa, letsoho la hao, o fihla mono mme o dumela hore Modimo o tla o phekola. Moruti o a o rapella, o kgutle. Monna wa kgale wa tlhaho o tla bolela taba ena, “Ha o utlwe phethoho ya letho letsohong leo. Ha o maemong a molemonyana ho feta kamoo o bileng kateng pele.” Empa kutlo ya botshelela e a tla, mme e itse, “Hoo ke leshano! O rapeletswe, ke phetho.” Amen. Šˆ Jwalo ka mosadi ya kileng a tla tshebeletsong ya rona ka nako e nngwe, mme o ne a tlile tshebeletsong, ba le babedi moo. Ba tla kalaneng. Ba ne ba bone temoho ya dipelo. Basadi bao ba ne ba qetehile feela_feela. Bobedi e le bakreste ba sebele. E mong a nyoloha, mme Moya wa tla le ho re, “O tshwerwe ke bothata ba mala.” Yaba sefahleho sa hae se a ela. O ile a re, “Ke nnete.” Š‰ Mme Moya o Halalelang wa re ka nna, “Mme ke alsa. E bakilwe ke maemo a dinerefe. O hlahlobilwe ke ngaka e itseng, mme o boletse ha o ke ke wa^kapa ha e loketse ho_kapa ha e loketse ho seha, e loketse ho kgaolwa.” O ile a re, “Lentswe le leng le le leng la taba eo ke nnete!” ŠŠ Mme he ka ho bona ha e ne e le modumedi wa senatla hakaalo, yaba O re, “Lebitso la hao ke Mofn. Sekete-kete, o tswa Hebere-hebere, e leng sebaka se-itseng-le-se-itseng.” O ile a re, “Hoo ke nnete!” Š‹ E ne e le eng? Ke kutlo ya botshelela e neng e e tshwara. Kutlo ya botshelela le Moya o Halalelang di ne di eme di bapile mmoho. Moya o Halalelang o ne o bua, kutlo ya botshelela e ne e re “amen.” Ke moo he. Ntho e nngwe loketse ho etsahala. ‹‚ Ha Maretha a ne a etswa a matha ho fumana Jesu, leha a ne a re, “Morena!” Hlokomelang kutlo ya botshelela. “Hola O ne o le teng, moena ka a ka be a sa ka a shwa; empa esita le jwale, sohle seo O se kopang Modimo, Modimo o tla O nea sona.” Kutlo ya botshelela ke eo. ‹ƒ Jesu a Itshopa hammoho, a re, “Ke Nna Tsoho, le Bophelo; ya dumelang ho Nna, leha a shwele, o tla phela; ya phelang mme a dumela ho Nna a ke ke a shwa le ka mohla o le mong. Na o dumela see?” ‹„ O tla reng, beha mabaka? Ho na le monna ya robetseng mono, a shwele, mme diboko di ntse di nyeunya ho yena. ‹… Empa O sa tswa re ke Yena Tsoho le Bophelo. Leo ke Lentswe la Modimo. Kutlo eo ya botshelela, ka nnqane ho phihlello ya ngaka, ka nnqane ho kakanyo ya patlisiso ya

16

LENTSWE LE BUILWENG

saense. E hanela tsohle, e hanela mabaka wohle, le ho a dihela kathoko. Hobaneng? E pakela Lentswe la Modimo, “KE NTSE KE LE TENG. Ha Ke ‘Ke tla ba teng, Ke ne ke le teng.’ KE NTSE KE LE TENG JWALE! Ke Nna Tsoho le Bophelo,” Monna. “Ya dumelang ho Nna, leha a shwele, o tla phela; mme ya phelang mme a dumela ho Nna a ke ke a shwa le ka mohla o le mong. Na o dumela see?” ‹† A re, “E, Morena,” kutlo ya botshelela, “Ke dumela ha O le Mora Modimo, ya neng a tla tla lefatsheng.” “Moenao o tla tsoha hape.” Oho, banna! ‹‡ Ba leba lebitleng! Ba babedi bao, mmoho, ntho e nngwe e tlamehile ho etsahala. E ne e le kutlo e kgolohadi eo, le Modimo a eme a le teng, ntho e nngwe e ne e tlamehile ho etsahala. Kutlo eo e ne e le kutlo e kgolohadi, e ne e le Modimo. Ho ne ho ena le Ntho e bolellang Maretha hoo. O ne a Mmone. O Mo tsebile. O lemohile ha E ne e le yena Messia. Mme a tseba, ha feela a ne a ka fihla ho Yena, hola feela a ne a ka atamela pela Hae mme a hlahisa bothata ba hae, ho ka utlwa feela ha tshepiso e le nngwe e etswa ho Yena, ke phetho seo a neng a se batla. Ha A ne a re, “Ke Nna Tsoho le Bophelo; ya dumelang ho Nna, leha a shwele,” ke phetho seo Maretha a neng a batla ho se utlwa, sohle seo a se batlileng. Hobane, kutlo ya botshelela, kutlo e kgolohadi, tumelo ya hae, e ne e mo kgannela ho Mo paka, ho Mo dumela. ‹ˆ Mosadi enwa, yare ha a tloha kalaneng, e ne e le HO RIALO MORENA, “Eya hae mme o je. Jesu Kreste o a o fodisa.” A leba hae. ‹‰ Bosiung boo, motswalle wa hae wa moahelani, o ne a le borarong kapa boneng ka mora hae, mme o ne a ena le lefitohadi molaleng wa hae. Mme ke enwa a etla, a thabisitswe ke moahelani wa hae_hae ruri, ya neng a tla fodiswa aleseng ya hae eo e sa le e mo hlopha hakana. E ne e le bo bong ba mathata a makgolo, dikete tsa wona. Mme lefitohadi lena le hlaheletse ntle molaleng wa hae, mme a tla a nyoloha. Ka re, “Ha ho motho ya tlamehileng ho noha seno. Empa o thabetse taba e itseng, o hloletswe ke thabo, hoba mosadi yane ya dutseng nnqeng yane mola ke moahelane wa hao.” ‹Š Moya o Halalelang! A nahana, “Monna eo a ka tseba taba eo jwang le ka mohla? Ho tlamehile ho be ho ena le Ntho e itseng e mo senolelang.” ‹‹ Ka baka leo hoba seo se bolelwe, Wa re, “O nahanne ka molala wa hao.” “E.” “Na o dumela le tla nyamela?” “Ke a e dumela,” a re, “ka pelo yohle ya ka.”

KUTLO E KGOLOHADI

17

ƒ‚‚ Ke ile ka re, “HO RIALO MORENA, eya hae mme o tla amohela phodiso ya hao.” ƒ‚ƒ Motho wa tlholeho a qamaka mme a se ke a bona pontsho ya letho. Mosadi ya nang le alsa o ile a ya hae mme a leka ho ja, mme, kgidi, yaka o a shwa. Kgele, motho wa tlhaho, kutlo ya tlholeho, maikutlo a nna a senola ha alesa e sa le teng mono. ƒ‚„ Ka baka leo hoba ho fete veke kapa tse pedi, a tsamaya hohle dibakeng tsa boahelane, bathong bohle ba habo, le kereke, a paka, “Morena o mphekotse.” Mme ba re, “Na o a ja jwale?” ƒ‚… “Tjhe, hantle-ntle e seng ntho e nngwe le e nngwe eo ke e batlang. Empa,” a re, “Ke se ke phekotswe, hoba ke fodisitswe ka maqeba a Hae.” Ho sa tsotelehe hore e ne e le eng, o ne a phekotswe leha ho le jwalo. ƒ‚† Mme hoseng ho hong, ha bana ba se ba ile sekolong, mme a hla a lapa ruri. O na eme, a ntsa hlatswa dijana, pela sefensetere. A tla tshebeletsong, tshebeletsong e nngwe selemo morao ho moo. Mme o na ntsa hlatswa dijana, mme yare ha a, ntho ya pele, a utlwa maikutlo a makatsang a mo kgurumetsa. Mme a nahana, “Ebe ntho eo e ne e le eng? Ke utlwile eka nka hweletsa.” ƒ‚‡ Mme monna wa hae o na mo laile, a re, “Moratuwa, lesa ho bua ka phodiso eo,” a re, “hobane,” leha e ne e le Mokreste, a re, “o tlisa sekgobo Tseleng ena.” ƒ‚ˆ O ka tlisa sekgobo jwang ha o pakela Lentswe la Hae? O tla tlisa sekgobo ha o sa Le pakele. Ha thwe, “Haeba o ne o fodisitswe, o fodisitswe.” ƒ‚‰ A re, “Monna eo o ne a eme mme a ntadima ka mahlong, mme a mpolella maemo a ka le dintho tseo ke di entseng, le hore ke mang, le moo ke tswang teng.” A re, “Ke ne ke eso ho be metsotso e leshome le metso e mehlano ka mohahong, ha a ne a fihla kalaneng. Monna enwa o ne a ka tseba hona jwang le ka mohla? Ha ke eso ho ka ke mmona bophelong ba ka le ka mohla, mme o ile a mpolella, “HO RIALO MORENA, o phekotswe.” Mme a re, “Ke tla e dumela ho fihlela ke shwele.” Mme a re, “Ke tla e dumela leha ho le jwalo.” Ka baka leo yena le kgaitsedi ya hae e ka tlasa hae, motswalle, ba ne ba etseditse Modimo selekane, hore ba tla tiisetsa tumelong eo. ƒ‚Š Hoseng hoo, a ikutlwa ka mokgwa o hlollang, mme metsotsong e mmalwa a lapa. Kahoo bana ba ne ba ile ba siya outsu borotong, sejaneng se se nyenyane; mme a re kamehla outshu e ne e mo tjhesa. Haeba e mong a kile a tshwarwa ke alesa, o tseba seo e leng sona. Kahoo a inama mme a nka methamo e mmalwa ya outshu eo. Mme, “Oho, kgidi,” a re, “Ke tla tshwanela ho lefeletsa ka baka la hona, ke lekanya jwalo, empa ka le leng la matsatsi ana ke tla itokela.” Empa a lemoha

18

LENTSWE LE BUILWENG

hobane o na ntsa lapile, a qetella sejana seo ke hona. A lebella metsotso e mmalwa, ho bona se etsahalang. Ha ho se ileng sa etsahala; a ikutlwa hamonate, a ntsa lapile. Ka hona a ikgadikela mahe a mmalwa, mme a itshella lebekere la kofi, le bohobe bo tjhesitsweng, mme a hla a ba le monyaka o moholo ruri. A ja hohle feela hoo a neng a ka ho ja. A tswela pele ka ho hlatswa dijana, mme hoba ho fete ntho e ka bang halofo ya hora, keha a lapile hape. Ntle le matshwao a mabe. ƒ‚‹ Yaba o rwala katibanyana ya hae, ke eo a theosa le seterata, a kena tlung ya moahelane enwa. Mme yare ha a fihla moo, a utlwa, a nka hore mohlomong ho hlahile lefu lapeng leo. Ba ne ba hweletsa, mme ba hlaba ditlase, mme ba tletsa-tletse. Mosadi eo o ne a ile a robala ho fihlela motsheare hoseng hoo, mme a tsoha, a batlana le kotolana e neng e le molaleng wa hae, mme e ne e ile ya nyamela bosiung boo. E ne e le eng? Modimo mosebetsing. ƒƒ‚ Hodimo mona Tabernakeleng ya Cadle, ha re ne re tshwere tshebeletso eo, moshanyana eo wa seritsa ya neng a kene moo homme a rapellwe. Bongata ba lona bo ne bo le teng ho mmona. Ba mo kgutlisetsa hape ka phaposing eo ya tshohanyetso. Billy a nkisa ho yena. Ba ne ba mmeile kalaneng masiu a mararo kapa a mane, moo hodima^ka mohahong. O ne a sa ka a fumana setlankana sa ho rapellwa, ka hona ba mo kenya phaposing ya tshohanyetso. Ke ile ka kena ka hare mono mme ka mo rapella, ka mo sheba. A re, “Monghadi Branham, ana o ka mpolella matshediso?” Ka re, “E, mora, monghadi. Ke polio e o entseng tjena.” O ile a re, “Ho nepahetse.” ƒƒƒ Ka re, “Lebitso la hao ke Sekete-kete. O tswa sebakeng se itseng.” “Ho nepahetse,” a rialo. A re, “Kaha phodiso ya ka teng?” Ka re, “O fodisitswe ka maqeba a Hae.” ƒƒ„ A ya hae, a paka, a rorisa Modimo. Mme a tlisa sekgobo se se kana, ba boletse jwalo, ka mathoko, ho fihlela Sontaheng se seng sehlopha sa baruti se kene mme se dutse pela hae mme ha thwe, “O kgaotse ka ho etsa jwalo. O tlisa sekgobo Tseleng ena.” ƒƒ… Mme mohlankanyana ya dutseng mono, a re, “Monghadi, ha o ne o dutse moo ke leng teng, ha o ne o le setulong seo ke dutseng kahara sona, o ne o sa tlo leka ho nkamoha tshepo ya ho qetela eo ke nang le yona, ho Kreste.” A re, “Ke fodisitswe ka maqeba a Hae.” Mme hang feela hoba a rialo^A dutse moo, ka maoto a holofetseng, matsoho, mmele, mokokotlo. Mme hang feela hoba a rialo, ke eo a etswa setulong, a rorisa Modimo.

KUTLO E KGOLOHADI

19

ƒƒ† Ke eng? Dikutlo tsa hae tsa tlhaho di itse o tla dula mono; ngaka e boletse ha a tla ba moo ka ho sa feleng, kapa ha feela a sa phela. Empa kutlo ya botshelela e re, “Ke fodisitswe ka maqeba a Hae.” Mme a se ke a batla ho amana le^Ke hona ho lahlela fatshe ntho e nngwe le e nngwe e kgahlano le se boletsweng ke Modimo. Ke lona lebaka leo kutlo ya botshelela e leng teng. ƒƒ‡ Motsofe John Rhyn, e seng R-y-a-n enwa, R-h-y-n. Ho ne ho ena le mokupi wa sefofu Fort Wayne, mme ke hona moo re ileng ra ya teng tsatsing leo mme a rapellwa ka tshebeletsong. Ke pejana ho bosiu boo thomo e neng e bapala “Ngaka e Kgolo e haufi jwale,” ho se motho pela yona. Mme ha a ne a sa foufetse, e le Mokatolike, ka tumelo. Mme a_a ema moleng, mme ka mo sheba, mme ka re, “Lebitso la hao ke Sekete-kete, John Rhyn.” “E.” “O mokupi ya koung. O bile sefofu ka dilemo-lemo.” “E, hoo ho nepahetse.” “Ka tumelo, o Mokatolike.” “Ho nepahetse.” ƒƒˆ Ka re, “HO RIALO MORENA, o amohele phodiso ya hao.” Ha thwe, “Ke a o leboha, monghadi.” Ka re, “Leboha Morena.” A re, “Empa ha ke kgone ho bona.” Ka re, “Ha ho moo e amanang le yona teng. O fodile.” ƒƒ‰ Mme a re, o ile a theosa, ba mo thusa ho theoha kalaneng. Motho wa tlhaho o ne a sa bone letho. Ba ne ba sa bone ditholwana tsa letho ho tswa moo ho hang. “Kgele,” ho thwe, “o ntse a foufetse jwalo ka mehleng ya pele.” ƒƒŠ Ka baka leo ba babedi ba metswalle ya hae ba mo kgutlisa le ho mmeha moleng hape, mme ba mo fetisa hape. Howard a mo dumella ho fetela pele. Yare ha a kgutlela hape, a re, “Monghadi, o mpoleletse ha ke fodile.” Ka re, “O boletse hore o ntumetse.” ƒƒ‹ A re, “Ke a o dumela. Ha ke na mabaka a ho se o dumele.” A re, “O mpoleletse tsohle tse bophelong ba ka,” mme a re, “Ha ke tsebe seo nka se etsang.” A re, “Ho bile le mosadi morao mane ya pakileng hore o ne a ena le kotolana metsotsong e mmalwa e fetileng, mme e nyametse.” ƒ„‚ Ka re, “Ha o ntumela, o mpotsetsang dipotso he? Ke o bolella Lentswe la Modimo.” ƒ„ƒ A re, “Ke tshwanetse ho etsang, monghadi?” Tsebong ya hore e ne e le Mokatolike, le hore o loketse ho fumana ntho ya hlaho ho itshwarella, Ka re, “Dula feela o ntse o paka, ‘Ke fodisitswe ka maqeba a Hae,’ mme o lebise thoriso ho Yena.”

20

LENTSWE LE BUILWENG

ƒ„„ Monnamoholo, dibekeng tse pedi tse hlahlamang, kapa tse tharo, a ema koung mme a rekisa dipampiri, o ne a hweletsa, “Tlatsetso! Tlatsetso! Ho bokwe Morena, ke fodile! Tlatsetso! Tlatsetso! Ho bokwe Morena, ke fodile!” ƒ„… Yare ha a kgutlela tshebeletsong bosiung bo latelang, ke batla ke sa kgone ho rera, ka baka la hae. O ya nna a phahama mme a hweletse, “Kgutsang lona bohle! Ho bokwe Morena ka ho mphodisa! Ho bokwe Morena ka ho mphodisa!” Jwalo ka Mokatolike, o ne a sa tsebe hore a tshware tumelo jwang, empa o a tseba hore ha a ka dula a ntse a e bua, le ho tswela pele, ho tswela pele, ho tswela pele, ho fihlela kutlo eo ya botshelela e kene tshebetsong. Ke nnete. “Ho bokwe Morena ka ho mphodisa!” ƒ„† O ne a eme koung, a hweletsa, “Ho bokwe Morena ka ho mphodisa! Tlatsetso! Ho bokwe Morena ka ho mphodisa!” ƒ„‡ E re a sa theosa le seterata, mme motho e mong a feta, a re, “O phela jwang, John?” ƒ„ˆ “Ho bokwe Morena ka ho mphodisa! Ho itoketse.” Mme ba mo tshehe, le ho soma ka yena. ƒ„‰ Mme moshanyana e mong wa dikoranta a mo isa lebenkeleng la bakutisi, ho kuta, dibeke tse ka bang pedi kapa tharo ka morao ho tshebeletso. Mme mokutisi a mo dudisa hodima setulo, mme a tshasa sefahleho sa hae ka lekweba. Mme a re, “John,” a re, “Ke utlwa hore^” Kgwalentlhajana e nngwe e itseng, mme a re, “Ke utlwisisa hore o ile wa theohela tlase ho bona mofodisi wa Kgalalelo ha” [Sekotwana se feela lebanteng_Mong.] “mona.” A re, “E, ke ile ka theosa.” ƒ„Š A re, “Ke utlwa hore o ile wa fodiswa,” ho mo soma feela. ƒ„‹ Mme monnamoholo a re, “E, ho bokwe Morena, O mphodisitse,” yaba mahlo a hae a tutuboloha. Ke eo a etswa setulong seo, ka thawele e thathetsweng molaleng wa hae; mokutisi a leka ho mo tshwara, ka lehare letsohong la hae. Mme ke bao ba theosa ka seterata! Hobaneng? Lentswe la Modimo le ne le ile la kena tshebetsong. ƒ…‚ Georgie Carter e monyenyane ya neng a robetse moo tlase, e leng hoo lona bohle le ho tsebang, ho na le batho ba itseng ba haufi mona, a rapame moo ka dilemo tse robong le dikgwedi tse robedi, a sa kgone le ho^le letho haese ho ntsha lakane-ehulwang tlasa hae, ho tswa diphiyong le maleng. A le boimeng ba diponto tse ka bang mashome a mararo a metso e mehlano. A robetse mono Milltown, Indiana. Mme beng ka yena e le ditho tsa kereke e^Nakong eo ke neng ke ilo tshwara tshebeletso moo kerekeng ya Milltown Baptise, le ho rapella bakudi, kereke eo ya re, “Ha setho sefe kapa sefe sa phutheho ena se ka etela lehlanya leo, re tla ba kgaola.” Mme ntatae e le mohlanka.

KUTLO E KGOLOHADI

21

ƒ…ƒ Empa o ne a ile a fumana bukana ya ka, e bitswang Jesu Ke Yena Maobane, Kajeno, Le Ka Ho Sa Feleng. Moena Hall o ile a nkisa ho yena, thapameng e nngwe. Mmae a tswa ka tlung a matha, a sa batle ho amana le hono ka mokgwa ofe kapa ofe. Ke ile ka kena ka hare mme ka mo rapella. A re, “Hela, ho ya jwang ka ngwanana eo wa ha Nale?” O ne a tsebile kaha pono eo. ƒ…„ Ka re, “Hoo e ne e le pono, kgaitsedi. Nka rapela feela. O be le tumelo.” Mothwana eo wa batho o na rutilwe kgahlano le yona. ƒ…… Matsatsi a mmalwa morao ho moo, ke ne ke eme hodimo moo ke kolobetsa. O ne a le tlase moo, a lla; hobane a ne a tshepisitse ho tla le ho kolobetswa hape, ka Lebitso la Jesu Kreste, ha feela Modimo o ne o ka mo fodisa. ƒ…† Mme moo, yena, maotonyana a hae a le kaa ka molangwana wa lefielo. Ba sa kgone le ho mmeha nkgong ya moalo. Mmae, leha e ne e sa le mosadi e motjha, o ne a dutse moo, a jewa ke lefu la palsi [komello ya ditho_Moft.], mme a le moriri o moputswa, ke ho lebella moradi wa hae ya rapameng mono a eshwa hanyane-ka-hanyane. Lefuba la dipudulana tsa bosadi, mme le se le nametse hohle ho yena. O ne a le boimeng ba diponto tse ka bang mashome a mararo a metso e supileng, ke kgolwa hore e ne e le tsona, ha ba ne ba mo lekanyetsa. Ba sa kgone le ho mo phahamisetsa hodimo ka ho lekana ho ka beha nkgo ya moalo ka tlasa hae; ba loketse ho ntsha lakane-ehulwang tlasa hae, ya rabara. Dilemo tse robong le dikgwedi tse robedi, ha e sa le a rapame mono, a sa kgone le ho phahamisa hlooho ya hae feela ho ka bona sefate se pela fensetere. ƒ…‡ Ka tsatsi le leng, ke ne ke eme motsheo, hodimo hlorong ya leralla, moo ha habo George Wright, Moya o Halalelang wa re ho nna, “Ema ka maoto a hao.” Mme ka tadima, mme ho ne ho ena le Lesedi le neng le tjhabetse hara sefate sa dokowutu [sefate se tlwaelehileng sa Amerika Leboya_Moft.], ha thwe eya ka tsela ya ha ba-Wright, kapa, “Eya ka tsela ya ha baCarter.” ƒ…ˆ Yare ha ke fihla moo, Morena Jesu o na ile a bontsha mmae pontsho ya ho tla ha ka. Ka kena ngwanana eo a robetse moalong oo, a fokola hoo a neng a sa kgone le ho phahamisa nkgonyana ya dikgohlela. Mmae o ne a e tshwara, ho “ah,” a leka ho tshwella ka nkgwaneng eo ya dikgohlela, ke TB. Ka re, “Kgaitsedi Georgie, Jesu Kreste, Mora Modimo, o teane le nna kwana nahathothe, lebaka le ka bang halofo ya hore le fetileng, le ho ntaela ho o beha matsoho. HO RIALO MORENA, ema ka maoto a hao!” ƒ…‰ Kutlo ya botshelela ya kena tshebetsong, Matla a tshwara ngwanana eo, kgetlong la pele dilemong tse tharo^kapa dilemong tse robong le kgwedi tse robedi, ho tloha a kile a ema

22

LENTSWE LE BUILWENG

ka maoto a hae, a tlola ho ema ka maoto a hae, a mathela ka dijareteng, mme a hlohonolofatsa difate le jwang le ntho e nngwe le e nngwe, mme a kena kahare mme a dula fatshe pianong mme a qalella ho bapala, ”Ho na le Sediba se tletseng Madi, a montsweng mothapong wa Emmanuele.” Hobaneng? Mabaka a ka be a ile a lahlela kathoko^ ƒ…Š O ne a ke ke a kgona ho e etsa. Le jwale ha ke tsebe. Nke ke ka tseba le ka mohla. Ke Matla a Modimo feela a ileng dula a mo phahamisitse. Maoto a hae a se le botenya bo bo kaalo, hodimo mona manonyeletsong; ha ho ntho e kang eo, jwalo ka melangwana ya lefielo. E se le dilemo tse ka fetang leshome le metso e mmedi, kapa leshome le metso e mene, mme kajeno o matla mme o bophelong bo botle, o sebeletsa Morena Jesu. ƒ…‹ E ne e le eng? Kgetlong la ho qala, ho se letho le bonahetseng eka le a etsahala, empa mabaka a be a boletse ha e ka ke ya etsahala. Empa, moena, a itswarella Lentsweng leo. Haeba Modimo o ne a ka nka ngwanana eo ya holofetseng Saleme, ngwanana eo wa ha Nale, ya neng a holofetse a shwele ditho, le diphaka tsa hae di leketletse fatshe ka tsela eo, a ka fodiswa, O na ka mo fodisa, le yena. O ile a e dumela. ƒ†‚ Mme Moena Hall, o ne a robetse mono, a eshwa ke kankere; yena monna eo a nkisa hodimo mono. Ngaka ya hae e Milltown ya mo romela ngakeng ena e New Albany, tlase mona, moo ke mono Sepetleleng sa Saint Edwards. Ke lebala^A tlisa bana ka; monna ya lokileng, ngaka e kgabane. A mo hlahloba, a re, “Kankere.” A re ho Ngaka Brown, tlase Milltown, a re, “O a shwa.” Ngaka Brown a re, “Ke ile ka hopola jwalo.” ƒ†ƒ A mo isa kgaitseding ya hae tlase mono, ya_ya amanang le Mong. Kapp, eo e neng e le moahlodi motseng oo. Mme yare ha ba fihla tlase mono, a re, “Mmoloke mona feela ho fihlela a eshwa.” ƒ†„ Mme ba romela ho nna ho tla. Ka ya, letsatsi ka mora letsatsi, le mosadi wa ka, morao mono. Ra rapella Moena Hall. Ke ne ke mo rata. E ne e le o mong wa meya ya ka ho Kreste. Mme a nna a mpefala hanyane-ka-hanyane, mme a sa kgone ho tsamaisa matsoho a hae. Mof. Hall a re, “Billy, na ha ho letho leo o ka le etsang?” ƒ†… Ka re, “Ha ho letho leo ke le tsebang, Kgaitsedi Hall. Ha ke fumane lentswe ho tswa ho Morena. Re ne re tla^” Ka re, “Ke rata ha ngaka ya ka e ka mo sheba.” A re, “Ngaka ya hao ke mang?” Ka re, “Ngaka Sam Adair.” ƒ†† Yaba ke bitsa Sam. Sam a re, “Ntho feela eo nka mo romelang Louisville, Billy, ke bakeng sa diekesereyi le dintho tse jwalo.” A re, “Ke tla o kgutlisetsa tlaleho.” Ba romela koloi ya bakudi, ba mo nka, ba mo tlisa; ba kgutla.

KUTLO E KGOLOHADI

23

ƒ†‡ Sam a mpitsa, le ho re, “Billy, O jewa ke kankere ya sebete. Re ke ke re seha sebete sa hae ho se ntsha, homme a nna a phela.” A re, “Ke moreri, o loketse a be a lokile jwale. O ka nna wa mmolella hore o a tsamaya.” ƒ†ˆ Ka re, “O loketse ho tsamaya, Sam. Empa, taba ke ena, ha ke batle ho mmona a tsamaya. Ke moena ka, mme ke a mo rata.” Mme ka nahana, “Oho Modimo, nketsetse ho hong.” ƒ†‰ Ka qalella ho ya tsoma sehlora hoseng hoo. Ka sheba ntle pele tsatsi le tjhaba, ho se motho ntle jareteng; ka nka sethunya sa ka mme ka qalella ho tsamaya ka tlung. Ho ne ho ena le apole ya kgale e shebehang hampe e leketlang leboteng. Ka nahana, “Hobaneng ha Meda a beile ntho eo leboteng?” Ka tadima, le e nngwe le e nngwe le e nngwe, ho fihlela tse tsheletseng tsa tsona di leketlile moo. Ka rutla katiba ya ka ke e rola mme ka wa ka mangole a ka, fatshe. Ka sheba hodimo moo, mme yaba ho theoha apole e ntle e kgolo mme ya eja diapole tseo ya di qeta. Ka tadima ho neng ho eme hodimo moo, mme ho ne ho ena le Lesedi lona leo (le lopaletseng setshwantshong seo mane) le eme moo, le phethesela, ha thwe, “Ema ka maoto a hao. Eya o bolelle Mong. Hall, ‘HO RIALO MORENA,’ a ke ke a shwa, empa ho phela.” ƒ†Š Ka theoha mme ka mmolella. A se ke a ba le phethoho ya letho, empa a e dumela. A itshwarella ho yona. Ho ne ho se phethoho ya letho, ha shebahala jwalo. Letsatsi la feta, ho se phethoho. Letsatsi la bobedi, ho se phethoho. Ha ho batlile ho ba tsatsi la boraro, ya qaleha. Mme ke enwa o a phela kajeno, ka mora dilemo le dilemo. ƒ†‹ Ke elellwa ya dutseng mona hantle, Mof. Weaver. Tjhe, ha ke etse phoso. Ha moradi wa hae a ne a etla, ka mora phodiso ya Margie Morgan, ke ile ka theohela tlase mono mme ho ne ho se letho leo mosadi eo a neng a ka le etsa. O ne a tla timela dihoreng tse mmalwa tse latelang. Ba ne ba ena le nale e le nngwe, kapa tse pedi, tseo ba neng ba ka mo hlaba tsona, mme hoo e le phetho. O na ile a etswa oporeishene ya bosadi, kankere e ne e mathile e nyolohile ka mokokotlo wa hae. Ba e hasanyakanya ha ba ne ba seha, mme ho se letho le ka etsetswang mosadi. Ke ne ke batla ho bua le yena ka phodiso. ƒ‡‚ Empa a re, “Monghadi, o mohlanka wa Morena Modimo, mme ha ke na tokelo ya hore o kene tlung ya ka.” A ipala e le ya se nang tokelo ya hore moreri a ka tla. A re, “Ke phetse bophelo. Ke tantshitse. Mme ke ne ke ratile ho etsa dintho tseo ke neng ke sa tshwanela ho di etsa. Ke sebedisitse puo e mpe, leha e le eng kapa eng feela.” A mphethela dibe tsa hae, mme a re, “Ha ke na tokelo tabeng eo.” ƒ‡ƒ Ka bona hore o ne a kena motjheng o loketseng. O ne a loketse ho kenya Kreste ka mona pele kutlo eo, ya botshelela e kgolohadi e ka kena tshebetsong le ka mohla.

24

LENTSWE LE BUILWENG

ƒ‡„ Ra kgumama fatshe. Ka bua le yena kaha “leha dibe tsa hao di ka ba jwalo ka sekarelata.” A fana ka bophelo ba hae ho Morena Jesu Kreste. Mme hoba a ho etse, a re, “Oho, oho, ke ikutlwa ka mokgwa o fapaneng hona. Ntho e nngwe e etsahetse ka nna. Ntho e nngwe e etsahetse ka nna. Ke batla ho tsukutla matsoho le lona bohle.” ƒ‡… Mme nakong e kang yona eo ka tadima ntle mme ka mmona a le ponong, a potela ka mora ntlo a lebile hokong ya ditsuonyana. Ka re, “Mof. Weaver, HO RIALO MORENA MODIMO, o tla nka leeto leo ho leba hokong eo ya ditsuonyana, mme o tla phela.” ƒ‡† O ne a ke ke a ya ho latela kamoo a neng a ikutlwa kateng; kankere e ne e mo jele. O ne a ke ke a ya ho latela seo ngaka e se boletseng; o ne a eshwa. Mme hoo ho bile, ke lekanya, dilemo tse leshome le metso e mene, leshome le metso e mehlano tse fetileng, Mof. Weaver? [Mof. Weaver o re, “Leshome le metso e mene.”_Mong.] Dilemo tse leshome le metso e mene tse fetileng. O ile a thekesella Tabernakeleng ena ha a ne a kula, ho ne ho bonahala a sa kgone ho theoha moalong, diphakanyana tsa batho tse masapo; hoba a ne a tshepisitse Modimo hore o tla tla mme a kolobeletswe ka Lebitso la Jesu. Ra mo phahamisa re mo ntsha setulong se mabidi, ho batlile ho le jwalo, moo setulong, ra mo theolela letsheng le ho mo kolobetsa ka Lebitso la Jesu. Mme ke eo moo a dutseng, bosiung, bona. Mo shebeng haeba le batla ho bona sekai sa bophelo bo phethahetseng. Hobaneng? Ho lahlela kathoko mabaka le dipatlisiso tsa mahlale, le ntho e nngwe le e nngwe esele, hoba kutlo ya botshelela e ile ya kena tshebetsong. Ke moo he. ƒ‡‡ Bonang, a nke ke phethe hona hape, motsotso o le mong feela. Jesu o ile a feta pela sefate ka nako e nngwe, mme e le sefate sa feiga. Mme A tadima sefate sa feiga. Jwale, ka kopo hle, le se fose hona. A tadima sefate sa feiga, mme ho ne ho se difeiga ho sona. Mme A re, A rohaka sefate le ho re, “Ho se hlole ho eba le motho ya jang ho wena.” ƒ‡ˆ Barutuwa ba qamaka kwana le kwana; sefate se shebeha jwalo ka kamehla. Hora ho tloha moo, sa nna sa shebahala ka mokgwa o tshwanang. Modimo wa se ke wa ahlamisa lefatshe le ho se metsa. Modimo wa se ke wa romela letolo le ditsenene ho hlaha sebakeng le ho se tjhesa ho fihlela e le mashala. A ka ba a ho entse, ruri O na ka kgona. Ha A ka a etsa dintho tseo. ƒ‡‰ Ho ne ho etsahetseng? Sefate se ne se rohakilwe. Tumelo ya Modimo e ne e beilwe kgahlano le bophelo ba sefate seo. Ho ne ho se pontsho ya letho ya hlaho eo o neng o ka e bona. Empa tlase botebong ba lefatshe, tlase metsong ya sefate, lefu le ne le kena. Se ne se se se rohakilwe. Kutlo ya botshelela e ne e eme kgahlano le sona. Se ne se tlamehile ho shwa. Sa qalella ho shwa ho tswa metsong.

KUTLO E KGOLOHADI

25

ƒ‡Š Ke yona ntho e etsahalang ka kankere, ke yona ntho e etsahalang ka hlahala, ke yona ntho e etsahalang ka bolwetse bofe le bofe ha kutlo eo ya botshelela ya matla ya Morena Modimo e phahama kgahlano le bona. Ho thwe, “Satane tswa moo.” Ka mohlomong o ka se bone maemo a hlaho hona moo, empa tumelo eo e tshwere moo ka mokgwa o tshwanang. Bo se bo rohakilwe. Kutlo eo ya botshelela e ke ke, kutlo eo e kgolohadi e ke ke ya bo tlohela. E ke ke ya tsotella kamoo o ikutlwang kateng, kamoo o shebang kateng, kamoo o itshwarang kateng. E ke ke ya eba le ntho e le nngwe e amanang le yona. Lentswe la Modimo le sebedisitswe. Kutlo ya botshelela e a le fuparela. Ke phetho. E kena tshebetsong; kankere e qala e nyamela e fela. E-shwa ho tswa metsong, mme e ile. Ehlile. ƒ‡‹ Ka kutlo yona ena e matlahadi ya botshelela, mebuso e kgehlemane, lerako le leng ho wela hodima le leng. ƒˆ‚ Ka kutlo ena ya botshelela, Lewatle le Lefubedu le ile la suthela morao, mme mobu o omileng wa etsetsa bana ba Modimo tsela eo ba ka phonyohang ka yona. ƒˆƒ Ka kutlo yona ena ya botshelela, Samsone o fekisitse sekete sa Baflista ba hlometseng ka dibetsa le marumo. O ne a hloka mokgwa wa ho itshireletsa, haese thajana ya mohlaare wa mulete e hlaha. Mme kutlo eo ya botshelela ya kena tshebetsong, mme a rapalatsa sekete sa Baflista. Halellua! ƒˆ„ Ka kutlo ena ya botshelela, bafu ba tsositswe. Ka kutlo ena ya botshelela, meeka e meholo e ile ya etswa. ƒˆ… Ke matla a maholo ka ho fetisisa a kileng a fihla lefatsheng le ka mohla, ke kutlo eo e kgolohadi, e bitswang kutlo ya botshelela. Ha ena kamano ya letho le hona ho tlase mona; ha hona ho tlase mona ho e pakela mme ho re “amene” ho Yona, ho lokile, o tswa tema; empa ho sa tsotelehe hore hona ho etsang, dumela Hono. Ke hona moo matla, “ha o dumela pelong ya hao.” Kutlo ya hao ya bohlano, ya kelello, e dutse bokong ba hao, empa kutlo ya hao ya botshelela e dutse pelong ya hao. O dumela ka pelo ya hao. Boipolelo bo etswa ka molomo. O dumela ka pelo ya hao, e, monghadi, kutlo eo ya botshelela, matla ao a maholo. ƒˆ† Mamelang, ka baka la kutlo eo ya botshelela, ho ne ho ena le moporofeta ya ileng a dihelwa lemeneng la ditau. Mme ka baka la kutlo eo ya botshelela, ditau ha di a kgona ho ka ja Daniele. Di ne di sa kgone. Di ne di sa kgone ho mo atamela, ka baka la kutlo eo ya botshelela, kutlo eo e kgolohadi. ƒˆ‡ Ka yona kutlo eo ya botshelela, bana ba bararo ba Baheberu ba ne ba lahlelwe seboping sa mollo mme ba fenya malakabe a sebopi. Kutlo eo ya botshelela! Mabaka wohle a ne a ka bontsha hore ba tla bolawa ke ho tjha le pele ba fihla ho

26

LENTSWE LE BUILWENG

sona, empa kutlo eo ya botshelela e ba bolokile ka mono dihora tse pedi kapa tse tharo. Mme eitse ha ba bula sebopi, ba bona E Mong ya emeng hara bona, ya kang Mora Modimo. Eo ke kutlo ya botshelela. Mello e ne e ke ke ya ba ya e tjhesa. E, monghadi. ƒˆˆ E ne e le yona kutlo eo ya botshelela, ha ka nako e nngwe, Moapostola Petrose a ne a robetse ka teronkong, mme ba ne ba tla mo kgaola hlooho, tsatsing le latelang. Mme tlase tlung ya Johanne ya reilweng Mareka ba ne ba tshwere tshebeletso ya thapelo. Kutlo eo ya botshelela ya qala ya bokellana nqa tsohle teronkong eo, moo a neng a apesitswe ka thapelo. Kutlo eo ya botshelela ya kena tshebetsong. Topallo ya Mollo ya kena ka sefensetere le ho ama Petrose, le hore, “Tloo, tswa mona.” Kutlo eo ya botshelala! ƒˆ‰ E ne e le kutlo eo ya botshelela e sa kang ya dumella Mohalaledi Paulosi ho nwela lewatleng leo le matla, nakong eo seketswana seo se kgeleletseng metsi. Ke kutlo ya botshelela e mmabaletseng ho nweleng, kutlo eo e kgolohadi. E ne e le kutlo eo ya botshelela, ha, nakong eo noha e neng e mo loma letsohong, a e hlohlorelang mollong. E ne e le kutlo ya botshelela e entseng hoo. ƒˆŠ E ne e le kutlo eo ya botshelela e tsositseng Jesu Kreste bafung, hoba A robale mobung, hobane A ne a dumetse Lentswe la Modimo. Ha thwe, “Qhaqhang mmele wona, mme Ke tla o tsosa hape ka tsatsi la boraro. Hoba Davida o boletse, ‘“Nke ke ka tlohela Mokgethwa wa Ka hore A bone ho bola, Nke ke ka lesela moya wa Hae nqalong ya Bafu.”’” E ne e le kutlo eo e kgolohadi. Lahlela mabaka a dikutlo tsena ka thoko. Dumela kutlo e kgolohadi, kutlo ya tumelo, eo Jesu Kreste a fanang ka yona. ƒˆ‹ Ka yona kutlo eo, Modimo o buile ha ho ne ho se letho. Kutlo eo ke efe? Kutlo eo e kgolohadi ke Modimo, tumelo ya Modimo kahare ho wena, karolo ya Modimo e kena kahare ho wena le ho o neha kutlo e kgolohadi. Ka yona kutlo eo e kgolohadi, Modimo o bopile lefatshe mmoho ka dintho tse neng di le siyo le tse sa kang tsa bonahala. O buile Lentswe la Hae le ho dumela Lentswe la Hae, mme lefatshe la rutloloha la eba teng. Ho bokwe! ƒ‰‚ Kutlo ya botshelela, kutlo e kgolohadi, Oho, Modimo, e tshele hodimaka. Mphe yona ekasita le ho e mong le e mong ya e hlokang. Tshela kutlo ya Hao ya botshelela kahare ho nna, Morena. Ke ikemiseditse ho tela tse hlano, tsebo ya ka ka sebele, menahano, ho lahlela mabaka wohle ka thoko, Morena. A Lentswe la Hao e be nnete, mme lentswe la motho e mong le e mong e be leshano. Lebaka le leng le le leng, pelaelo e nngwe le e nngwe, e lahlelwe hole, mme nke ke tsamaye ka kutlo e kgolohadi, kutlo ya Moya o Halalelang.

KUTLO E KGOLOHADI

27

ƒ‰ƒ Ana ha le batle hoo na? Ke yona ntho eo re e batlang. Modimo a o hlohonolofatse, motswalle. Ke seo o se hlokang. Kutlo eo e kgolohadi e tla kopa ntho e itseng mme e a tseba hore O tla e aba. E kgodisehile, “Hoba ya tlang ho Modimo o tshwanetse ho dumela hore O teng, le hore ke moputsi wa O batlang ruri.” ƒ‰„ Ha kutlo ya botshelela e re, “Modimo o boloka Lentswe la Wona. Ke ineela Yena. Ke tela tsohle tseo ke nang le tsona, ho Yena. Kutlo ya ka e bolela ha hona ho tla e phethahatsa, tumelo ya ka Lentsweng la Modimo,” e ntano bitsa ntho e nngwe le e nngwe, e kgahlano le yona, jwalo ka hoja e ne e le siyo. ƒ‰… Aborahama o kopane le Modimo, mme Modimo wa re, “O tla tswala lesea ka Sara.” Yena a le mashome a supileng a metso e mehlano, mme yena a le mashome a tsheleltseng a metso e mehlano. Aborahama o bitsitse ntho e nngwe le e nngwe e neng e se teng, e neng e le kgahlano le seo, jwalo ka hoja e ne e le siyo. O tsamaile jwalo ka hoja a bone Modimo, mme a_a dumela. ƒ‰† O ne a bitsa ntho e nngwe le e nngwe e boletseng hore a ke ke a kgona, mabaka afe kapa afe, ntho esele feela e^E ka nna yaba ngaka e itse, “Kgele, Aborahama, o tsofetse ho etsa hono.” Se boletsweng ke ngaka ha se etse phapang ya letho, seo motho mang kapa mang a se boletseng, seo kelello ya hae ka sebele e se boletseng, seo ntho efe kapa efe e se boletseng. Modimo o ne o nepahetse, mme a dula le yona. ƒ‰‡ Eo ke kutlo ya botshelela, kutlo e kgolohadi. “Modimo, mphe yona. Modimo, a nke ke fumane ho ho ngatanyana ha yona,” ho sebeletsa batho ba Hae, ke thapelo ya ka. ƒ‰ˆ Hoseng hona, ha mme eo a ne a tlisa lesea leo le hlooho e kgubetswana, a eme mona, dikeledi di theoha marameng a hae. Ke ile ka re, “Molato ke eng, kgaitsedi?” ƒ‰‰ A re, “Moena Branham, le tshwerwe ke leukemia.” [Kankere ya madi_Moft.] Ka utlwa ha ntho e nngwe e kokomoha. Oho, Ke thuso e leng teng nakong ya mathata. ƒ‰Š Ha se kgale haholo mona, nna le Billy re ne re theosa ka tsela, re qhoba. Bashanyana ba itseng ba mmala ba lepella le tsela mme ba palame ka lebelo le hodimo, mme ba ne ba ile ba hohla koloi e nngwe lephakong mme ya thinya e bidika le ho bidika le ho bidika, mme ya hlatsa bashanyana ya ba jala hohle tseleng, mme thakanyana le leng le ne le hlohlometswe tlasa koloi ka mokokotlo wa lona o robetse pela koloi. Bashanyana ba tlola ba etswa mme ba qalella ho e phahamisa. O ile a re, “Oho, ka kopo hle, le se etse jwalo, mokokotlo wa ka o a robeha! Le se leke! Le a mpolaya! Le a mpolaya! Le se etse hono!”

28

LENTSWE LE BUILWENG

ƒ‰‹ Mme ba re, “Kgele, re tlamehile ho e tlosa hodima hao, e batla ho tuka.” Ha thwe, “E re^” ƒŠ‚ “Le se e sisinye, le nkgobella ho shwa! Le se etse jwalo! Le se etse jwalo!” Ka hweletsa ka tlase ka mono, “Mora, na o Mokreste?” A re, “Tjhe, monghadi.” Ka re, “O mpe o rapele.” A re, “E, monghadi.” ƒŠƒ Kutlo ya botshelela ya kena tshebetsong. Ka tsamaya ho potella ka morao ho koloi eo, nke ke ka tseba ho fihlela la Kahlolo, empa, hang feela, koloi eo ya phethoha mme ya sutha hodima hae, mme a qhomela hodimo le hona a itoketse. E ne e le eng? “Thuso e leng teng nakong ya mathata!” ƒŠ„ Re ne re theosa ho tswa^Mosetsana wa bammala o ne a qhoba koloi tseleng, Plymouth e ntjha, e jereng dimaele tse ka bang makgolo a mane ho yona. O ne a palame ka lebelo le utlwahalang. Mme ka bona koloi. Ya kena sefateng ka tjhafo ya yona ya mokerenke. Nna le Billy ra ema. Ho ne ho ile ha ba le tsela e tletseng lehlwa, e thellang ka pela rona, empa e ne e omile lekgatheng leo. Ngwanana eo^Moya o ne o foka haholo hakana, hodimo Minnesota, ho fihlela o pheuletse koloi kwana. O a e hopola, Billy? Ke ile ka mo mathela tlase mono. Mme teng, o ne a dutse moo, a re, “Oho, ke a shwa. Ke a shwa.” Ba bitsa koloi ya bakudi. ƒŠ… Koloi ya bakudi ya tla, mme ba ne ba ena le monna ya shweleng ya neng a robetse ka morao ho koloi ya bakudi. Ha thwe, “Nke ke ka mo nka.” ƒŠ† Mme kahoo sehwai sa re, “Ho lokile, romela motho e mong, ka potlako, mosadi o a shwa.” Ka atamela mono, mme ka re, “Mofumahadi, motsotso feela.” ƒŠ‡ A re, “Oho, o se nkame, monghadi. O se nkame. Mokokotlo wa ka!” ƒŠˆ Ka re, “Mofumahadi, na o Mokreste?” A ntadima. Mme ka re, “Ke mmoledi wa Evangedi. Haeba o eshwa, o eme jwang le Modimo?” A re, “Monghadi, ke batla ho ba yena, hona jwale.” ƒŠ‰ Mme kutlo ya botshelela ya kena tshebetsong. Matla a Modimo a theoha. A kgona ho tswa a tsamaya koloing eo, ntle le thuso ya motho e mong. Matla a Modimo, a leng teng, “Thuso e leng teng nakong ya tlokotsi.”

KUTLO E KGOLOHADI

29

ƒŠŠ Re tsamaya ka tumelo. Re phela ka tumelo. “Ba lokileng ba tla phela ka tumelo.” Re tshwanetse ho phela ka tsela eo. Ke ba bakae ba ka ratang ho ba le ho ho ngatanyana ha kutlo, e matla ya botshelela? [Phutheho, “Amen.”_ Mong.] A re inamiseng dihlooho tsa rona he, nakong eo re rapelang. ƒŠ‹ Morena ya ratehang, Modimo wa rona le Ntata rona, O lokile hakakang ho rona. O re fa dikutlo tse hlano ho phela ka tsona le ho tsamaya ka tsona, lefatsheng lena, kapa ho_ho ama lefatshe. Re ka phopholetsa tse ka_ka phopholetswang, ka matsoho a rona, dintho tse tshwarehang. O re neile kutlo, re tle re utlwe. Re thabetse hono haholo, re tle re utlwe Lentswe la Modimo, mme ka hona, “tumelo e tla ka kutlo, ho utlwa Lentswe la Modimo.” Re leboha ka baka la dikutlo tsena tse tsheletseng, Morena. A re ke re di baballe ka matsatsi wohle a ho phela ha rona. ƒ‹‚ Empa a kutlo ena e kgolohadi, a kutlo ya tumelo, eo e leng ya modumedi, hoba o tlamehile ho ba le yona ho ka dumela. Morena, re sitse ka ho fetisisang ha yona. Oho, e hlwekise, Morena, mme o re hlahlobe, le ho re tlatsa ka ho loka ha Hao le matla a Hao. A re ke re tsamaye matsatsi ohle a ho phela ha rona, ka kutlo ya botshelela, ka kutlo ya tumelo, e abjwang feela ke Jesu Kreste. Seo re se rapellang, a re ke re dumele hobane re a se fumana, ntle le pelaelo pelong tsa rona, mme O tshepisitse hore se tla phethahala. ƒ‹ƒ Bana ba phahamisitseng matsoho a bona, Morena, ke a ba rapella. Ba na le ditlhoko. O tseba seo ba neng ba le sona. Ke rapela hore O tle o di phethahatse, e nngwe le e nngwe ya tsona. A e ke e tlatswe, takatso ya bona. Ke kopa Lebitsong la Jesu. Amen. Tumelo ho Ntate, tumelo ho Mora, Tumelo Moyeng o Halalelang ba bararo bana ba Bang; Matemona’ tla tlakasela, le baetsadibe ba tsohe; Tumelo ho Jehova e tla sisinya tsohle. ƒ‹„ Na le kile la e utlwa pele? Jwale ntle le mmino, motsotswana feela. Tumelo ho Ntate, tumelo ho Mora, Tumelo Moyeng o Halalelang, ba bararo bana ba Bang; Matemona’ tla tlakasela, le baetsadibe ba tsohe; Tumelo ho Jehova e tla sisinya tsohle. ƒ‹… Ke nnete. Oho, kgidi! Tumelo e theko e thata! Tumelo e theko e thata, e tlotlehang. Modimo, mphe tumelo. “Ka tumelo, Aborahama. Ka tumelo, Isaaka. Ka tumelo Abele o hlahisitse

30

LENTSWE LE BUILWENG

pela Modimo sehlabelo se fetisang sa Kaine; mme leha a shwele, le jwale o pakilwe.” Oho, kamoo re hlokang tumelo! Ke a Mo rata. Ke batla tumelo e ngata. Takatso ya ka bophelong bona, le bakeng sa lemo sena se setjha se tlang, ke tumelo e ngata ho Modimo. Modimo, tlosa pelaelo efe kapa efe e kelellong ya ka, haeba ho ka hlaha e nngwe le ka mohla. Satane o a ntwantsha, o a o lwantsha, o leka ho fula ka metsu ya hae. Empa a nke ke tshware thebe eo ya tumelo ka pela ka kamehla, ho hanyetsa mano a diabolosi, ho qhela, ho thibela metsu ya hae e bohale, ke thapelo ya ka e tshepehang. Modimo o le hlohonolofatse. ƒ‹† Ho na le taba eo o batlang ho e bua, Moena Neville? [Moena Neville o re, “Tjhe, ke feela^”_Mong.] Tloo. [Moena Neville o ntsha ditsebiso, bopaki, le thapelo e kwalang.] `

Kutlo E Kgolohadi, Vol. 3 No. 3 (A Super Sense, Vol. 20 No. 7) Molaetsa wona o tlileng ka Moena William Marrion Branham, o rerilweng tshimolohong ka Senyesemane ka Sontaha mantsiboya, Tshitwe, 27, 1959 mane Tabernakeleng ya Branham mane Jeffersonville, Indiana, U.S.A., o ntshitswe mabanteng a kgatiso a makenete mme o ngotswe o sa kgutsufatswa ka Senyesemane. Phetolelo ena ya Sesotho sa Borwa e phatlaladitswe ka 1995 ke ba ha:

VOICE OF GOD RECORDINGS P.O. Box 950, Jeffersonville, Indiana 47131 U.S.A.

Temoso Ea Tokelo Ea Qopitso Litokelo tsohle li babaletsoe. Buka ena e ka porintoa ka porintara ea lelapa molemong oa motho eo kapa ea abjoa, ntle ho tefiso, e le thepa e jalang Evangeli ea Jesu Kreste. Buka ena e ke ke ea rekisoa, ea boela ea hlahisoa ka bongata, ea manehoa leboteng la website, ea bolokoa ka tsela eo e ka boelang ea ntšoa, ea fetoleloa ka lipuo lisele, kapa ea sebelisoa ho qela matlole ntle le tumello e ngotsoeng ea Voice Of God Recordings®. Ho fuoa boitsebiso bo bong kapa bakeng sa thepa e nngoe e ka fumanoang, ka kopo ikopanye le:

VOICE OF GOD R ECORDI NGS

P.O. BOX 950, JEFFERSONVILLE, I NDIANA 47131 U.S.A. www.branham.org